Vinkmag ad

Sehopotso sa Maria Movirigo, Mofumahali.

La 22 Phato 2026

Beke ea 20 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Ezekiele. (43:1-7)

“Letlotlo la Morena la kena Tempeleng.”

Matsatsing ao, lengeloi le ile la nkisa monyako oa Tempele o shebileng ka nq’a Bochabela. Ke moo letlotlo la Molimo oa Israele le ileng la, fihla le hlaha Bochabela, le e-tla ka molumo o kang oa metsi a leoatle, ‘me lefatše le ne le khanya letlotlo la hae. Pono eo ke neng ke e bona e n’e ka pono eo ke ileng ka e bona mohla a neng a tlil’o ripitla motse, le pono eo ke ileng ka e bona nokeng ea Kebare. Ka itihela fatše ka sefahleho.

Letlotlo la Morena la kena Tempeleng ka monyako o shebileng ka nq’a Bochabela. Moea oa nkuka, oa nkisa lebaleng le kahare. Ke moo letlotlo la Morena le ileng la tlala Tempele. Ka utloa e mong a bua le ‘na a le ka

Tempeleng, lengeloi le ntse le eme pel’a ka. A re ho ‘na: Mor’a motho, qalo ea terone ea ka e hona mona, qalo eo maoto a ka a hatang ho eona, e Ieng moo ke lulang har’a bana ha Israele ka mehla.

PESALEMA 84

TLOTLA EA MORENA EKE E AHE LEFATSENG LA HABO RON A.

Ke rata ho utloa se boleloang ke Morena Molimo,

hobane o bua ka tsa khotso

le sechaba le metsoalle ea hae,

Ruri pholoho ea hae e haufi le ha mo tsabang,

tlotla ea hae e tla aha fatšeng la habo rona.

TLOTLA EA MORENA EKE E AHE LEFATSENG LA HABO RON A.

Mohau le ‘nete Ii tla khahlametsana,

toka le khotso Ii akane.

‘nete e tla runya lefatšeng,

toka e lepelle le maholimong.

TLOTLA EA MORENA EKE E AHE LEFATSENG LA HABO RON A.

Morena ka sebele o tla fana ka tse molemo,

lefatše la rona le beha litholoana,

Toka e tla mo etella pele,

khotso eona e mo felehetse.

TLOTLA EA MORENA EKE E AHE LEFATSENG LA HABO RON A.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (23:1-12)

“Hoo ba ho tsebang ke ho bua feela.”

Ka nako eo, Jesu a bua le matšoele le barutuoa ba hae, a re: Bangoli le Bafarisi ba lutse setulong sa Moshe. Ka baka leo bolokang ‘me le phethe tsohle tseo ba le bolellang tsona; ha e le liketsong tsa bona, teng, le se

ke la ba etsisa, hobane hoo ba ho tsebang ke ho bua feela.

Ba tlama mojaro o boima, ba o beha mahetleng a ba bang, empa bona ha ba rate ho o thetsa leha e le ka monoana feela. Tsohle tseo ba Ii etsang, ba Ii etsetsa hore batho ba ba bone. Ba roala meqhaka e lipharaphara e ngotsoeng litemana tsa Bibele ‘me ba lelefatsa litjellane. Ba habile libaka tsa pele meketeng, le litulo tse kapele matlong a thapelo, le litumeliso mapatlelong, le ho bitsoa bo-Rabbi ke batho.

Ha e le Iona, le se ke la bitsoa bo-Rabbi, hobane moruti oa Iona o mong feela, ‘me bohle le bana ha motho. Ho se be motho eo le ‘mitsang Ntat’a Iona lefatseng, hobane Ntat’a Iona o mong feela, ke ea Ieng maholimong.

‘Me le se bitsoe Baruti, hobane moruti oa Iona o mong feela, ke Kriste. Eo e Ieng e moholo har’a Iona ke eena eo e tla ba mohlanka oa Iona. Mang le mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ‘me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.

Vinkmag ad

Read Previous

Sehopotso sa Pius X ea Halalelang, Mopapa

Most Popular