La 6 Phato 2026
Beke ea 18 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Daniele. (7:9-10.13-14)
“Seaparo sa hae se ne se le sesoeu joaloka lehloa.”
Ha ke ntse ke shebile, ka bona ho behoa literone. Mokakala oa matsatsi a lula; seaparo sa hae se ne se le sesoeu joaloka lehloa, moriri oa hloho ea hae o n’o ka boea bo hloekileng. Terone ea hae e n’e le malakabe a mollo, le mabili a eona e le mollo o tukang. Noka ea mollo e ne e tsoa moo a lutseng, e phalla pel’a hae. Balikete-kete ba ne ba mo sebeletsa, ba mashome-shome a likete ba ne ba eme pel’a hae. Lekhotla la lula, libuka tsa phetloa. Ka bona e mong ea kang Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, a leba ho Mokakala oa matsatsi, a tlisoa ho eena.
A nehoa puso le hlompho le borena; ‘me ba merabe eohle le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle ba mo sebeletsa. Puso ea hae ke puso e sa feleng, e ke keng ea feta: ‘me ‘muso oa hae o ke ke oa timetsoa.
Pesalema 96
MORENA KE KHOSI, O OKAMETSE LEFATŠE LOHLE.
Morena ke khosi, lefatše le ke le nyakalle,
le tsona lihleke-hleke tsohle li thabe.
O potiloe ke maru a matšo-matšo,
toka le molao ke motheo oa terone ea hae.
MORENA KE KHOSI, O OKAMETSE LEFATŠE LOHLE.
Lithaba li qhibiliha joaloka boka
pel’a Morena oa lefatše lohle.
Maholimo a phatlalatsa toka ea hae,
‘me lichaba tsohle li bona letlotlo la hae.
Itiheleng fatše ka pele ho eena,
lona melimo eohle.
MORENA KE KHOSI, O OKAMETSE LEFATŠE LOHLE.
Hobane uena, Morena, u Ea holimo-limo,
u okametse lefatše lohle.
u feta hole melimo eohle !
MORENA KE KHOSI, O OKAMETSE LEFATŠE LOHLE.
Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Peterosi. (1:16-19)
“Re ile ra utloa lentsoe le tsoang leholimong.”
Baratuoa! Re ile ra le tsebisa matla le ho tla ha Morena oa rona Jesu Kriste e seng ka ho latela litšomo tsa bomene-mene, empa ka ho ba lipaki tse boneng tlotleho ea hae.
Hobane o filoe ke Molimo Ntate hlompho le tlotliso, mohla lentsoe le mo tlelang, le e-tsoa Letlotlong le phahameng, le re: Enoa ke Mora oa ka ea ratuoang, eo ke khahloang ke eena. Lentsoe lena, rona re ne re le utloe; le ile la tsoa leholimong, ha re ne re e-na le eena thabeng e halalelang.
Hape re na le lentsoe le tiileng ho feta, la baprofeta, leo le etsang hantle ha le le mamela, joaloka hoja e le lebone le bonesang lefifing, ho fihlela bosiu bo e-sa, ‘me naleli ea meso e chabela lipelong tsa lona.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (17:1-9)
“Sefahleho sa hae sa khanya joaloka lehloa.”
Ka nako eo, Jesu a nka Peterosi, Jakobo le Joannes ngoan’abo ‘me a ba isa ka thoko thabeng e phahameng. A fetoha mahlong a bona: sefahleho sa hae sa khanya joaloka Ietsatsi, ‘me liaparo tsa hae tsa e-ba tsoeu
joaloka lehloa. ‘Me ke moo Moshe le Elia ba ileng ba hlaha ho bona, ba buisana le eena.
Eaba Peterosi o re ho Jesu: Morena, ho monate ho rona ho ba mona. Ha u rata, re tla hloma metlotloane e meraro, o mong e be oa hao, o mong oa Moshe, o mong oa Elia.
A sa ntsane a bua joalo, hang leru le khanyang la ba koahela, ‘me lentsoe Ia tsoa lerung, Ia re: Enoa ke Mora oa ka ea ratuoang, ea nkhahlang: mo utloeng!
Barutuoa, ha ba utloa, ba oa ka lifahleho, ba tšohile haholo. Jesu a atamela, a ba ama, a re ho bona: Emang, se tšabeng. Ha ba phahamisa mahlo, ba se ke ba bona motho, ha e se Jesu a inotsi. Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laea, a re: Le se bolelle motho seo le se
boneng, ho fihlela Mor’a motho a ba a tsoha bafung.
