Beke ea 10 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (19:19-21)
“Elisha a tloha, a sala Elia morao.”
Matsatsing ao, Elia a tloha thabeng, a fumana Elisha, mor’a Shafathe, a lema liakere tse leshome le metso e ‘meli; nakong ena o n’a le akereng ea qetello. Elia a feta haufi le eena, ‘me a akhela seaparo sa hae mahetleng a hae. Ke ha Elisha a siea lipholo, a matha ka mor’a Elia, a re: A nke ke e’o aka ntate le ‘mè ho ba lumelisa ke nt’o u sala morao. Elia a mo araba, a re: Khutla! U hanetsoe ke mang? Elisha a khaohana le eena, a nka lipholo tse peli tsa sepane, a etsa sehlabelo ka tsona. A besa joko ea lipholo ho pheha nama ka eona, a fepa batho ba hae nama eo. A nt’o tloha, a sala Elia morao, ‘me a mo sebeletsa.
PESALEMA 15
KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.
Ak’u mpaballe, oho Molimo,
hobane ke tšabela ho uena.
Ke itse ho Morena: Ke uena Moren’a ka.
Morena, ke uena lefa la ka le mohope oa ka,
ke uena ka sebele ea mpolokelang kabelo ea ka.
KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.
Ke tla boka Morena, moeletsi oa ka;
le bosiu pelo ea ka e ntse ntaea.
Ke ikemiselitse hore e be sa le
ke hopotse Morena ka mehla;
ha Morena a le pel’a ka, nke ke ka oa.
KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.
Ka hona pelo ea ka e tletse thabo,
moea oa ka o nyakaletse,
le oona ‘mele oa ka o tla lula o phutholohile.
Hobane u ke ke ua ntlohella Qalong-ea-bafu,
u ke ke ua lumella.
hore motsoalle oa hao a latsoe ho bola.
KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5:33-37)
“Kea le bolella, ke re: Le se ke la hlapanya le hanyenyane.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le utloile hore ho ne ho thoe ho ba boholo-holo: U se ke ua hlapanyetsa leshano, u mpe u phethe likano tsa hao ho Morena. Empa ‘na kea le bolella, ke re: le se ke la hlapanya le hanyenyane: leha e le ka leholimo, hobane ke terone ea Molimo: leha e le ka lefatše, hobane ke bonamelo ba maoto a hae; leha e le ka Jerusalema, hobane ke motse oa Khosi e kholo. U se ke ua hlapanya le ka hloho ea hao hobane u sitoa ho soeufatsa kapa ho ntsofatsa qoba leha e le ‘ngoe ea moriri oa hao.
Lentsoe la lona le ‘e’, e be ‘e’; ‘che’, e be ‘che’: ha e le ho fetang hoo ho tsoa ho e mobe.
