Beke ea 10 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (17:7-16)
“Lefisoana la phofo ha lea ka la hlola le sa fela, ka ho ea ka lentsoe leo Morena a neng a le boletse ka Elia.”
Matsatsing ao, nokana eo Elia a neng a lula ho eona ea psha, hobane pula e n’e le sieo naheng eo. Eaba lentsoe la Morena le fihlela Elia, le re: Tsamaea, u ee Sarepta, naheng ea Sidone, ‘me u lule teng. Ke se ke laetse mosali oa mohlolohali oa hona teng hore a u fepe. A tloha, a leba Sarepta.
Ha a fihla khorong ea motse a bona mosali oa mohlolohali a nts’a roalla patsi. A mo hoeletsa, a re: Ak’u ee ho nkhella metsinyana ka nkhoana, ke tl’o noa! Ha a a lata, a mo hoeletsa hape, a re: U b’u tle u ntšoaretse le sengoathoana sa bohobe!
Eena a fetola, a re: Ka Morena Molimo oa hao ea phelang, ha ke na bohobe, ha e se phofshoana e ka lefisoaneng, e ka etsang seatla feela, le olinyana ka pitsaneng, ‘me ke ne ntse ke thonaka lithutsoana li se kae, ke nt’o ea hae ho ea phehela röna le mora oa ka, re tsoe re ichoella.
Eaba Elia o re: Se tšabe letho. E-ea hâe, ‘me u etse kamoo u boletseng kateng. Feela u phehele ‘na pele bohojoana, u ntlisetse bona, u ntan’o phehela löna le mora oa hao. Hobane ke sena seo Morena Molimo oa Israele a se bolelang:
Lefisoana la phofo ha le na ho fela,
le pitsana ea oli ha e tl’o qetoa,
ho fihlela letsatsing leo ka lona
Morena a tla nesa pula lefatšeng.
A ea, a etsa ka ho ea ka polelo ea Elia. Ba ja, Elia, mosali le ba ntlo ea hae. Lefisoana la phofo ha lea ka la hlola le sa fela le pitsana ea oli ha ea ka ea qetoa, ka ho ea ka lentsoe leo Morena a neng a le boletse ka Elia.
PESALEMA 4
RE BONTSE SEFAHLEHO SE ELILENG, MORENA.
Ak’u nkarabe ha ke hoelehetsa ho uena,
Molimo, moloaneli oa litokelo tsa ka,
Uena ea ‘ntšitseng matšoenyehong,
nkhauhele, u mamele thapelo ea ka.
RE BONTSE SEFAHLEHO SE ELILENG, MORENA.
Tsebang hona: Morena o nkhethile
ho ba motsoalle oa hae,
ha ke hoeletsa ho eena, Morena oa nkutloa.
Thothomelang ‘me le furalle sebe:
ha le le liphateng, le itekole le khutsitse.
RE BONTSE SEFAHLEHO SE ELILENG, MORENA.
Ba bangata ba reng:
Ke mang ea tla re fa lehlohonolo?
Re bontše sefahleho se elileng, Morena.
U file pelo ea ka thabo e fetang
ea mohla chai ea koro le nala ea veine.
RE BONTSE SEFAHLEHO SE ELILENG, MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5:13-16)
“Lona le leseli la lefatse.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Lona le letsoai la lefatše; empa haeba letsoai le ka tapa, lona le ka nokoa ka’ng? Ha le sa na thuso, ha e se hore le lahleloe kantle, le hatakeloe ke batho.
Lona le leseli la lefatše. Motse o sitoa ho pateha o le holim’a thaba. Le lona lebone, ha le ke le hotetsoa, le behoe tlas’a nkho, empa le hlongoa sehlomellong sa lona, hore le tle le khantšetse bohle ba katlung. Leseli la lona le khanye joalo pel’a batho, e le hore ka ho bona liketso tse lokileng tsa lona, ba tle ba tlotlise Ntat’a lona ea maholimong.
