Vinkmag ad

La 14 Motšeanong 2026

Beke ea 6 ea Paseka

Labone

MOKETE OA NYOLOHELO EA MORENA

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (1:1-11)  

“Ba ‘mona a nyoloha.”

Bukeng ea ka ea pele, oho Theofile, ke buile ka tsohle tseo Jesu a ileng a li etsa, a ba a li ruta, ho tloha ho galeng, ho fihlela letsatsing leo a ileng a nkeloa leholimong ka lona, hoba a nehe baapostola, bao a neng a ba khethe, litaelo tsa hae ka Moea o Halalelang. Kamor’a lefu la hae o na iponahatse ho bona a phela, ka mapaki a mangata; a itlhahisa ho bona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bua le bona ka tsa ‘muso oa Molimo.

Ha a n’a le lijong le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema. Le mpe le emele teng pallo ea Ntate, eo le e utloileng molomong oa ka, a rialo. Joannes o n’a hlatsoa ka metsi, athe löna le tla hlatsuoa ka Moea o Halalelang, ka morao ho matsatsi a seng makae.

Ba neng ba phuthehetse teng ba ‘motsa ba re: Morena, na ke nakong ea joale u tlang ho tsosa borena ba Israele na? A re ho bona: Ha se taba ea lona ho tseba mehla le linako tseo Ntate a li behileng ka matla a hae. Empa le tla amohela matla a Moea o Halalelang o tla theohela ho lona, ‘me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, Judea eohle le Samaria, ho fihlela pheletsong tsa lefats’e.

“Me eare hoba a rialo, ba ‘mona a nyoloha, ‘me leru la mo pata mahlong a bona. Eare ba sa talimile holimo, ha a nts’a nyoloha, banna ba babeli ba apereng liaparo tse tšoeu ba ema pel’a bona, ba re: Banna ba Galilea, le emetse’ng le ntse le shebile holimo? Jesu enoa ea nketsoeng leholimong, a tloha har’a lona, o tla tla joalo, ka mokhoa oo le ‘moneng a nyolohela leholimong ka oona.

 

PESALEMA 46

MOLIMO O NYOLOHA HAR’A LITLATSE, MORENA HAR’A MELETSO EA LITEROMPETA.

Opang liatla, lona lichaba tsohle,

etsetsang Molimo litlatse le mehoo ea thabo.

Hobane Morena ea holimo-limo oa tšabeha;

ke eena khosi e kholo ea lefatše lohle.

MOLIMO O NYOLOHA HAR’A LITLATSE, MORENA HAR’A MELETSO EA LITEROMPETA.

Molimo o nyoloha har’a litlatse,

Morena har’a meletso ea literompeta.

Binelang Molimo oa rona, ‘mineleng;

binelang Morena oa rona, ‘mineleng.

MOLIMO O NYOLOHA HAR’A LITLATSE, MORENA HAR’A MELETSO EA LITEROMPETA.

Hobane Molimo ke khosi ea lefatše lohle;

‘mineleng ka bokheleke bohle,

Morena o rena holim’a lichaba,

Molimo o lutse teroneng e halalelang ea hae.

MOLIMO O NYOLOHA HAR’A LITLATSE, MORENA HAR’A MELETSO EA LITEROMPETA.

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Efese. (1:17-23)

“Molimo o behile Kriste bophahamong bo lekanang

le ba hae leholimong.”

Bana beso! Molimo oa Morena oa rona Jesu Kriste,

Ntat’a letlotlo, a ke a le nehe moea oa bohlale le oa kutloisiso ea tse senotsoeng, le tle le mo tsebisise. A khantšetse mahlo a moea oa lona, le tle le tsebe na ke e joang tšepo eo le e bilelitsoeng, ke a joang maruo a letlotlo la lefa la hae ho bahalelali ‘me ke bo bokaakang boholo ba matla a hae ka ho rona ba lumetseng.

Ke eona tšebetso ea matla a maholo, a hae, eo a sebelitseng ka eona ho Kriste ha a mo tsosa bafung le ha a ‘meha bophahamong bo lekanang le ba hae leholimong, ka holimo ho Lihloho le ho Balaeli, ho Matla le ho Baokameli, le ho lebitso lefe kapa lefe le ka bitsoang, e seng lefatšeng lena feela, empa le ho le tlang.

O behile tsohle ka tlas’a maoto a hae, ‘me o mo entse hloho ea Kereke eohle, e leng ‘mele oa hae, o mo fang phetheho, eena ea phethahatsang tsohle.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (28:16-20)

 

“Ke nehiloe matla ‘ohle leholimong le lefatšeng.”

 

Ka nako eo, barutuoa ba leshome le motso o mong ba ea Galilea, thabeng eo Jesu a neng a ba laetse ho mo emela ho eona. Eitse ha ba ‘mona, ba mo khumamela, leha ba bang ba ne ntse ba belaela.

Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke nehiloe matla ‘ohle leholimong, le lefatseng. E-eang ke hona, le etse ba lichaba tsohle barutuoa ba ka, le ba hlatsoe ka lebitso Ia Ntate le la Mora, le la Moea o Halalelang, le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Tsebang hore ke na le Iona ka matsatsi ‘ohle ho fihlela bofelo ba lefatše.

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 Motšeanong 2026

Most Popular