Vinkmag ad

Bohanyetsi bo sola puso

Bohanyetsi bo re joale ke nako ea hore lipolelo tseo e seng tsa ’nete tsa puso ena li be pepeneneng, haholo mabapi le litšepiso tsa ho fokotsa palo ea Lekhotla la Matona ho bolokela Basotho chelete. Litaba tsena li hlahisitsoe kopanong ea bo-ralitaba e neng e tšoeroe ke mekha ea bohanyetsi ka la 6 Motšeanong monongoaha.

Puong ea hae, Moetapele oa Bohanyetsi, Mathibeli Mokhothu, o re ’muso o ile oa tšepiso hore o tla fokotsa palo ea matona molemong oa ho imolla Basotho moroalo oa lichelete.

“O ne o itse o tla fokotsa palo ea matona hore lichelete tsa sechaba li sebelisoe hantle, empa kajeno Lekhotla la Matona le nyolohile ho tloha ho 15 ho ea ho 21 hobane ba re ba imetsoe.” Ho boletse Mokhothu.

O ile a boela a hlalosa hore puso ha se potele, kaha liqeto tse nkiloeng li lokela ho etsoa molemong oa sechaba ka kakaretso, eseng ka setsoalle kapa lithahasello tsa batho ba itseng. O re ho bonahala ’muso o sa ela hloko tekatekano ea litereke ha ho etsoa liqeto kapa ha ho khethoa matona.

Ka lehlakoreng le leng, Moetapele oa BAP, Prof. Nqosa Mahao o buile ka bohlokoa ba ho sireletsa litsi tsa toantšo ea bobolu. O re ha litsi tsena li haelloa ke lichelete kapa boikemelo, bokhoni ba tsona ba ho sebetsa ka katleho boa fokola.

O re sena se ka baka hore bobolu bo tsoele pele ntle le taolo, qetellong sechaba e be sona se utloang bohloko. Mahao o boletse hore Makhotla, Sepolesa le Paramente ke litšiea tsa puso e ntle, ’me ha li kenngoa tlas’a tšusumetso ea lipolotiki kapa li sa fuoe tšehetso e lekaneng, ho ba thata hore li sebetse ka boikemelo.

O boetse a ama taba ea ho falla ha Basotho ho leba Afrika Boroa, a re leha bobolu bo kenya letsoho mathateng a moruo, ho boetse ho na le lintlha tse ling tse kang khaello ea matsete, menyetla ea mesebetsi le maano a ntšetsopele.

Moetapele oa UAT, Dr. Mahali Phamotse eena o re ’muso o hlolehile ho tšehetsa Basotho mesebetsing eo ba iphelisang ka eona joaloka temo le leruo la liphoofolo.

Phamotse o re lihoai ha li fumane thuso ha liphoofolo li kula kapa li hlaseloa ke mafu, athe le taba ea merafo e sentse bophelo ba batho ba neng ba iphelisa ka mesebetsi eo. “Ho bontša hore ha ho na taba ea hore na Mosotho o phela joang kapa o iphelisa ka eng.” Ho boletse Phamotse.

O boetse a re e kile ea e-ba karolo ea puso e busang, empa a tsoa ka lebaka la ho se khotsofalle tsamaiso ea mokha oo.

Moetapele oa PFD Adv. Lekhetho Rakuoane, o re sechaba se lokela ho tseba ’nete ka litaba tsa puso le tsamaiso. “Bona ke boiphihlelo bo boholo sechabeng. Ho se pepese bobolu ho bolela hore bobolu bo ntse bo hola.” Ho boletse Rakuoane.

O ile a re litsi tse ikemetseng li lokela ho tloheloa hore li sebetse ntle le ho koaloa melomo kapa ho sitisoa ke lipolotiki. A phaella ka hore ’muso o lokela ho itlhahloba ka tsela eo o tšoereng litaba tsa puso ea sechaba ka sechaba ka eona.

Mongoli e Moholo oa ABC Samonyane Ntsekele, le eena o nyatsitse ’muso ka hore o liehisa tšebetso ea lirefomo tseo o kileng oa li tšepisa sechaba.

Ntsekele o re naha e tobane le mathata hobane maikutlo a Basotho a sa fuoe sebaka se lekaneng. O re puso ea sechaba ka sechaba ke motheo o lokelang ho hlomphuoa ka linako tsohle.

Vinkmag ad

Read Previous

La 8 Motšeanong 2026

Most Popular