Motlatsi oa Pele oa ‘Musisi oa Banka e Kholo ea Lesotho (CBL), Monghali Lehlomela Mohapi o khakotse ka molao letšolo le ntseng le potoloha le litereke tse leshome tsa naha, la ho ruta sechaba ka tšebeliso e nepahetseng ea chelete, tšebeletsong e bileng mabaleng a toropo ea Mafeteng ka la 9 ‘Mesa monongoaha tlas’a mohoo o reng: “Bohlale ke ho bua ka chelete.”
H’a bua le sechaba tšebeletsong ena, Monghali Mohapi o itse bona le balekane ba bona tšebetsong, e leng libanka tse teng kahar’a naha, morero o moholo oa bona ke ho fana ka thuto mabapi le chelete le ho matlafatsa sechaba ka litsebo litabeng tsa tšebeliso le taolo ea eona. A bontša hore mekhoa ea bophelo e itšetlehile holima chelete. Ka hona bohle re lokela ho bua ka eona re se ke ra e bitsa ‘parcel’, poone kapa masiba a limpshoe.
A supa hore ho na le moo meetlo le litloaelo tsa rona li re fositseng teng malebana le ho bua ka chelete, moo ho neng ho thoe chelete ha se ntho e bapalang bana. A khothaletsa malapa le sechaba hoba le liphutheho moo ba ka buang ka chelete, e le ho lokisa moo meetlo le litloaelo tsa rona li sa kang tsa re tšoara hantle. “Re lokela ho bua ka chelete, ‘me ha re bua ka eona re bile re utloisisa matla le boleng ba eona, litloaelo tsena tsa rona li tla fetoha.” O boletse joalo.
A re ‘Muso oa Lesotho o na le maano a kanetso ea tšebeliso ea chelete sechabeng. A re ha sechaba se bua ka chelete ka mehla ebile ho rutoa bana ka bohlokoa ba tšebeliso ea eona, sena se tla felisa lipelaelo tsena tsa hore libanka li ja chelete, kaha kutloisiso le tsebo li tla be li se li le teng.
A phethela ka hore morero ona oa khoeli ea chelete ke ho aha sechaba se nang le boitšepo, se tla tseba ho bua ka chelete kaha se tla be se utloisisa hore na chelete keng, metsamao ea eona, mekhoa le litšobotsi tsa eona.
Lebitsong la ea tšoereng mopelo e le Mongoli e Moholo oa Lekala la Lichelete, Mofumahali Paulina Mathaba, o itse mosebetsi o moholo oa ‘muso ke ho etsa maano le ho a kenya tšebetsong, e le ho bona hore Mosotho ka mong o phela hamonate. A re har’a maano a ‘muso le leholo ke ho fana ka thuto ho sechaba ka tšebeliso ea lichelete. A khothaletsa sechaba ho atamela litsi tsohle tse sebelisang lichelete ho rua tsebo ka mekhoa e nepahetseng ea tšebeliso ea lichelete. A re ‘muso o thusa ho kenya maano tšebetsong e le hore sechaba se tsebe ho una molemo.
Molula-Setulo oa Mokhatlo oa Libanka tse teng kahar’a naha, Monghali Nkau Matete o itse ke libankeng feela moo motho h’a qala a kena ka teng a tlisang chelete, e seng mabitso a mangata ana ao batho b’a rehileng chelete. A re har’a e meng ea mesebetsi ea bona e le libanka ke ho etsa likalimo bakeng sa matsete le ho kalimana ka chelete. A re e kholo ka ho fetisisa ke ho kopanya litsi tsohle tse kalimisanang ka chelete, ho etsa mosebetsi oa likalimisano tsa chelete ba sebelisa marang-rang a libanka. A qetella ka hore ba boetse ba thusa sechaba ka tšebeliso ea marang-rang ho etsa mesebetsi e fapakaneng ea tšebiso ea chelete.
