Motlatsi oa Tona-Kholo Justice Nthomeng Majara o thakhotse ka molao letšolo la kentelo ea thibelo ea lefu la ‘maselese le rubella ka la 17 Mphalane monongoaha, moo bana ba fetang 200 ba ileng ba enteloa ‘maselese le rubella, ba fuoa marotholi a thibelang komello ea litho, pilisi e thibelang manyoha le e ntlafatsang pono.
H’a bua tšebeletsong ena e neng e tšoaretsoe mabaleng a Sekolo sa Mathomo sa Sekhonyana, Mt. Moorosi, o boletse hore ke boikarabello ba ‘muso ho bona hore bophelo ba bana le ba sechaba bo sireletsehile molemong oa bokamoso ba bona. A re mafu a ‘maselese le rubella a kotsi haholo kaha a tšoaetsanoa, ‘me sena se ka beha kholo le bophelo ba sechaba tlokotsing e kholo. A re matšoao a lefu lena a kenyeletsa har’a a mang serame sa matšoafo, ho ruruha ha boko tse tla qetella li bakile tahlehelo ea bophelo. A qetella ka ho ipiletsa ho sechaba sohle sa Basotho ho isa bana Litsing tsa Bophelo ho fumana liente.
H’a lahlela oa hae molangoana tšebeletsong ena Letona la Bophelo, Mohlomphehi Selibe Mochoboroane o hlokomelisitse sechaba se bileng teng ka bongata tšebeletsong ena hore ente ea ‘maselese le rubella ha e bolae bana joalokaha batho ba bang ba nahana joalo, empa e matlafatsa sesole sa ‘mele sa ngoana hore a lule a phetse hantle. A tiisa hore batho ba baholo ba bangata ba teng ba ntseng ba phela le kajeno hobane ba ile ba fumana liente nakong eo ba ntseng ba le banyenyane. A re liente tsena li reretsoe ho baballa le ho sireletsa bophelo ba bana khahlanong le mafu ana, e le hore ba lule ba phetse hantle.
A re liente tsa ‘maseletse le rubella li fanoa feela ho bana ba lilemo li hlano ho ea tlase Litsing tsohle tsa Bophelo kahar’a naha. A phethela ka ho tiisetsa sechaba sa Basotho hore liente tsena li bolokehile kaha li hlahlobiloe le ho behoa litekong ke litsebi.
Moemeli oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO), Dr. Innocent Nuwagira o itse ke taba-tabelo ea bona ho bona hore bana bohle ba fumana liente tsena, ho kenyeletsa le ba e-s’o fumane liente ho hang. A re letšolo lena sepheo sa lona ha se feela ho enta bana, empa ke molemong ho sireletsa bophelo ba bona le hore ho se be ngoana ea tla salla morao ketellong ena.
Liente tsa pele tsa ho loantša lefu la ‘maselese li ne li etsoe ka selemo sa 1964, ‘me ka selemo sa 1968 ha etsoa ente ea rubella. Athe ka sa 1971 ea kopanngoa ha etsoa ntho e le ‘ngoe e le ente ea ‘maselese le rubella ho thubela mafu baneng ba lilemo tse hlano ho ea tlase. Ka selemo sa 2007 ha qaloa matšolo a kang ana; ‘me Lesotho mona ente ea ‘maselese le rubella e qalile ho ba teng ka 2017.
