Labone
Beke ea 24 har’a selemo
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Timothi. (4:12-16)
“U itlhokomele hammoho le thuto ea hau. Ka ho etsa joalo, u tla ipholosa uena hammoho le ba utloang thuto ea hau.”
Moratuoa! Ho se be motho ea nyelisang bocha ba hau. U mpe u be sesupiso ho balumeli, ka lentsoe, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo, ka bohloeki. U inehele ho bala, ho khothatsa, ho ruta ho fihlela ke e-tla. Se lese ho hlokomela neho ea moea e ka ho uena, eo u e filoeng ka boprofeta, ka peho ea matsoho a baprista. U ikitlaeletse tsena. U inehele tsona, hore ho bonahale ho bohle hore u tsoela pele. U itlhokomele, hammoho le thuto ea hau. Tiisetsa ho tsona. Ka ho etsa joalo, u tla ipholosa, uena hammoho le ba utloang thuto ea hau.
PESALEMA 110
E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.
Mesebetsi ea liatla tsa Morena ke ‘nete le toka,
litaelo tsa hae tsohle ke tsa ‘nete.
Li etselitsoe ho ba teng kamehla le mehla,
Ii fanoe ka ‘nete le ka tšoanelo.
E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.
O rometse sechaba sa hae pholoho,
o laetse hore selekane sa hae e be se sa feleng.
E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.
Lea halalela ‘me lea tšabeha lebitso la hae!
Qaleho ea bohlale ke tšabo ea Morena.
Ba phelang ka eona ba na li kutloisiso e ntle.
Thoko ea hae e hlola kamehla.
E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.
Ho baloa Evangeling halalelang e ngotsoeng ke Luka. (7:36-50)
“Libe tsa hae, leha li le ngata hakalo, o li tšoaretsoe, hobane o bontšitse lerato le leholo.”
Ka nako eo, e mong oa Bafarisi a kopa Jesu ho tla ja le eena. A tla ka tlung ea mofarisi eo ‘me a lula lijong. Ha fihla mosali e mong, eo e neng e le moetsalibe motseng. Eitse hoba a utloe hore Jesu o lutse lijong ka tlung ea Mofarisi, a tla le pitsana ea setlolo. A ema kamorao, maotong a Jesu, a ntse a lla, ‘me a qala ho kolobisa maoto a hae ka meokho ea hae; a ba a a hlakola ka moriri oa hloho ea hae, a a aka ‘me a a tlotsa ka setlolo.
Mofarisi eo ea neng a mo memile, ha a bona hoo, a re ka pelong ea hae: Hoja enoa e ne e le moprofeta, a ka be a tseba ruri hore na mosali eo ea mo amang ke ea joang; a ka be a tseba hore ke moetsalibe. Jesu a qala ho bua, a re ho eena: Simone, ke na le seo ke ratang ho u bolella sona. Eena a re: Ak’u bue, Moruti.
Batho ba babeli ba ne ba kolota motho: e mong o n’a mo kolota lidenare tse makholo a mahlano, e mong tse mashome a mahlano. Ere ka ha ba ne ba se na seo ba ka busetsang ka sona, a ba lesella molato, bobeli ba bona. Ha ho le joalo, ke ofe oa bona ea tla mo rata ho feta na? Simone a araba, a re: Ke lekanya hore ke eo a mo lebaletseng molato o fetang. Jesu a re ho eena: U nepile.
Eaba o retelehela ho mosali ‘me o re ho Simone: Ua ‘mona, mosali eo na? Ke kene ka tlung ea hau, ‘me ha ua ka ua ntlhatsoa maoto ka metsi; athe eena o kolobisitse maoto a ka ka meokho ‘me o a hlakotse ka moriri oa hae. Ha ua ka ua nkaka; athe eena, ha e sa le ke kene, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka. Ha ua ka ua ntlotsa hloho ka oli; athe eena o tlotsitse maoto a ka ka setlolo. Ka baka leo ke re ho uena: Libe tsa hae, leha li le ngata hakalo, o li tšoaretsoe, hobane o bontšitse lerato le leholo. Empa ea tšoareloang hanyenyane o bontša lerato le lenyenyane. A nt’o re ho mosali: U tšoaretsoe libe tsa hau.
Bamemuoa ba bang ba qala ho re ka pelong: Enoa ke mang, ea tšoarelang esita le libe? Joale Jesu a re ho mosali: Tumelo ea hao e u pholositse; tsamaea ka khotso.
