Vinkmag ad

La 29 Phato 2025

Sehopotso sa Lefu la Joannes Mohlatsoi ea Halalelang.

Beke ea 21 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia. (1:17-19)

“U ba bolelle tsohle tseo ke tla u laela tsona. U se ke ua ba tsaba.”

Matsatsing ao, lentsoe la Morena la mphihlela, la re: u itlame letheka, u eme, u ba bolelle tsohle tseo ke tla u laela tsona. U se ke ua ba tšaba, esere le ‘na ka u kenya tšabo mahlong a bona. Bona, kajeno ke u behile u le joaloka motse o sireletsehileng, tšiea ea tšepe le lerako la koporo, u tl’u hanyetse naha ena kaofela: likhosi tsa Juda le mahosana a eona, baprista ba eona le sechaba sa eona. Ba tla u loantša, empa ba tla sitoa ho u hlola, hobane ke na le uena ho u namolela, ho rialo Morena.

Pesalema 70

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAU.

Ke tšabela ho uena, Morena,

ke se ke mpe ka tlontlolleha le ka mohla.

Ka ho ea ka toka ea hau,

u ‘namolele ‘me u ntokolle,

ntšekehele tsebe ‘me u mpholose.

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAU.

U be lefika leo ke itšireletsang ka lona,

qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona;

efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;

Molimo oa ka, ak’u ‘ntše liatleng tsa ea khopo.

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAU.

Morena, ke uena tšepo ea ka,

Molimo, u bile setšehetso sa ka ho tloha bocheng ba ka.

Ke itšetlehile ka uena ho tloha tlhahong ea ka,

u bile mosireletsi oa ka ho tloha popelong ea ‘m’e.

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAU.

Molomo oa ka o tla bolela ho loka ha hau,

le pholoho ea hau letsatsi lohle.

Molimo oa ka, u nthutile ho tloha bocheng ba ka,

ke phatlalalitse mesebetsi e tsotehang ea hau

ho fihlela kajeno.

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAU.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (6:17-29)

“Ke rata hore hona joale u mphe ka mokeke hloho ea Joannes Mohlatsoi.”

Heroda o ne a ile a romela batho ho ea tšoara Joannes, a mo kenya chankaneng ka baka la Herodiase eo Heroda a neng a mo nyetse, leha e ne e le mohats’a Filipi ngoan’abo. Efela Joannes o n’a re ho Heroda: Ha ho lumellehe hore u nke mosali oa ngoan’eno.

Ha e le Herodiase, eena o n’a hloile Joannes haholo, a batla ho ‘molaea, a mpa a sitoa, hobane Heroda o n’a mo tšaba, ka ho tseba hore ke motho ea lokileng, ea halalelang, ‘me o n’a mo sireletsa. Hoba a mo utloe, o n’a tsieleha haholo; le ha ho le joalo, o n’a mo mamela a se na lekhonono.

Empa monyetla oa hlaha, ka letsatsi la khopotso ea tsoalo ea Heroda. A etsetsa mahosana le balaoli ba hae le batho ba baholo ba Galilea mokete oa lijo. Eare hoba morali oa Herodiase a kene, a etsa chao, ‘me a khahlisa Heroda le ba neng ba le lijong le eena.

Eaba morena o re ho moroetsana: Nkope seo u se ratang, ke tla u fa sona. A ba a mo hlapanyetsa, a re: Sohle seo u tla se kopa, ke tla u fa sona, leha e ka ba karolo ea bobeli ea ‘muso oa ka.

Moroetsana a tsoa, a fihla, a botsa ‘m’ae, a re: Ke tla kopa’ng na? Eo a re: Hloho ea Joannes Mohlatsoi. Hang a potlakela ho boela ho morena, a kopa, a re: Ke rata hore hona joale u mphe ka mokeke hloho ea Joannes Mohlatsoi.

Morena a soaba haholo, empa ka baka la boikano ba hae, le ka baka la ba neng ba le lijong le eena o n’a sa batle ho mo hanela. Hang a roma e mong oa balebeli, a mo laela hore a tlise hloho ea Joannes Mohlatsoi.

Molebeli a ea, a fihla a mo khaola hloho ka chankaneng; a nt’o tlisa hloho ea hae ka mokeke, a e nehela ngoanana, ‘me ngoanana a e nehela ‘m’ae.

Eitse ha barutuoa ba Joannes ba utloa hoo, ba tla ho nka setopo sa hae, ‘me ba se boloka lebitleng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Phato 2025

Read Next

Ba tsamaea tseleng tsa khale

Most Popular