Motlatsi oa Mookameli oa Sepolesa ea ikarabellang Lefapheng la Bophelo bo Botle kahare ho sepolesa, Dr. ‘Mopa Tšiu o re mosali ke sejana sa bohlokoa seo Morena Molimo a ntšitseng litsebo tsohle tsa hae h’a se bopa, e le hore e tle ebe ntho e ntle e khahlehang. Ka hona ba tlameha ho ikotla sefuba le ho ananela seo ba leng sona.
A re le ha basali ba bopiloe ka ho fapakana, empa ha e mong le e mong oa bona a ka ikamohela ka moo Morena Molimo a mo bopileng ka teng, ke eona feela ntho e tla etsa hore ba tsebe ho eloa hloko le ho ba motlotlo ka seo Morena Molimo a ba bopileng ba le sona. Litaba tsena o li buile Masianokeng, Seterekeng sa Maseru ka la 15 Loetse 2025, nakong eo basali ba mapolesa ba Motebo oa Maseru e kantle ho Toropo oa Flight One ba neng ba keteka khoeli ea mosali oa Moafrika.
O boleletse basali ba mapolesa hore mosali ke motho eo Molimo a mo bopileng ka matla a boinahano bo tšabehang empa hangata ha ba elelloe matla ana. “Re lokela ho ba basali ba tsebang hantle hore na re bo mang, ba ratang ho ba basali, ba hlokomelang boleng ba bona boo Molimo a re fileng bona re le basali.” Ke Dr Tšiu eo.
Haele Mookameli oa Sepolesa sa Maseru e kantle ho Toropo, Senior Superintendent ‘Malichaba Talasi o boletse hore basali ke majalefa a khoeli ea mosali oa Moafrika e tšoaeang liketsahalo tse ileng tsa etsahala lilemong tse ngata tse fetileng, “‘me taba ke hore na re le basali ba linako tsa hajoale ke re etsa’ng khoeling ena ea mosali oa Moafrika. Re le basali re bokane koano ho tla hlahlellana ka malebela, ho tla rutana le ho hlabollana e hore ha re tloha mona e mong le e mong a be a tloha e le mosali ea fetang pele, etsoe le Sesotho se re mosali o tšoara thipa ka bohaleng.” A rialo.
A re basali ke bona ba tšoereng malapa le mesebetsing ba teng ba sebetsa le banna e le basali kahar’a sepolesa seo boholo e leng banna, ‘me bona e le basali kahare ho sepolesa ba tlameha ho itšupa hore ho na le tse ntle tse molemo tseo ba ka li etsetsang sepolesa. A re ba lokela ho itšupa hore le bona ke basali ba kajeno, ‘me ho na le seo baka se etsang e le menyabuketso eo ba ka ikotlang sefuba ka eona. Lebitsong la Setsi sa Kokelo sa Ha Paki, Mofumahatsana Puseletso Mosala o boletse hore hara mafu a bonahalang a nka bophelo ba basali ka bongata ke lefu la molomo oa popelo. A ipiletsa ho basali ho hlahobela mofetše kaha o’a phekolela ha feela o ka hlahlobeloa e sa le nako, pele o e ja setsi.
