Sehopotso sa Maximillian Kolbe ea Halalelang, Moprista le Moshoela-Tumelo.
Labone
Beke ea 19 har’a selemo
Ho baloa Bukeng ea Joshua. (3:7-11.13-17)
“Areka ea selekane sa Morena e tšela Jordane e le eteletse pele.”
Matsatsing ao, Molimo a re ho Joshua: Ho tloha tsatsing lena ke tla qala ho u phahamisa mahlong a ba Israele kaofela, batho ba tle ba tsebe hore ke tla ba le uena joalokaha ke ile ka ba le Moshe. Uena, u tl’u laele baprista ba jereng areka ea selekane, u re ho bona: E tl’e re ha le fihla lebopong la noka ea Jordane, le tle le eme kahar’a Jordane.
Eaba Joshua o re ho bana ba Israele; Atamelang, le tl’o utloa mantsoe a Morena, Molimo oa lona. A bua a re: Hoo le tla tseba ka hona hore Molimo ea phelang o teng har’a lona, le hore o tla fela a suthise pel’a lona ba-Kanaana.
Ke ha areka ea selekane sa Morena oa lefatše lohle e tšela Jordane e le eteletse pele. Ikhetheleng e sa le joale banna ba leshome le metso e ‘meli melokong ea Israele, monna a le mong lelokong le leng le le leng.
E tl’a re ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ea Morena, ‘Musi oa lefatše lohle, bo thetsa metsi a Jordane, metsi a Jordane a theohang kaholimo a tla thibeha a bokellane se ka qubu. E itse ha sechaba se phuthile litente ho tšela Jordane, baprista ba jereng areka ea selekane ba ile ba etella sechaba pele.
Ba jereng areka ba fihla Jordane. Hang ha maoto a baprista ba jereng areka a thetsa metsi, Jordane e ee e tlale, e tlole mabopo kahohle nakong eohle ea kotulo, metsi a theohang kaholimo, a bokellana se ka qubu ho isa hole-hole, ho Adama, motse o pel’a Tsarethane. Athe metsi a theosetsang Leoatleng la Araba, (e leng Leoatle la Letsoai,) a phalla a ba a fella. Joale sechaba sa tšela malebana le Jeriko.
Baprista ba jereng areka ea selekane sa Morena, ba ema sebataolong kahar’a Jordane, ha ba-Israele bohle ba tšela sebataolong, ho fihlela sechaba kaofela se tšetse Jordane.
PESALEMA 113
ALLELUIA.
Ea na ea re ha Israele e e-tsoa Egepeta,
ntlo ea Jakobo e e-tsoa sechabeng se sele,
Juda ea e-ba sehalalelo sa Morena,
Israele ea e-ba ‘muso oa hae.
ALLELUIA.
Leoatle la bona ‘me la baleha,
Jordane ea khutlela morao.
Lithaba tsa tlola-tlola joaloka lipheleu,
le maralla joaloka likonyana.
ALLELUIA.
Uena leoatle, ke’ng ha u baleha,
le uena Jordane, ha u khutlela morao?
Le lona lithaba le tlola-tlola joaloka lipheleu,
le lona maralla joaloka likonyana?
ALLELUIA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (18:21-19:1)
“Ha ke re u tšoarele ho isa bosupeng, empa ho isa ha mashome a supileng a metso e supileng.”
Ka nako eo, Peterosi a tla ho Jesu a re: Morena, ngoan’eso a ka mphosetsa hakae, ke ntse ke mo tšoarela na? Ho isa bosupeng na? Jesu a re ho eena: Ha ke re ho isa bosupeng, empa ho isa ha mashome a supileng a metso e supileng.
Ka baka leo ‘Muso oa Maholimo o tšoantšoa ka morena ea ratileng ho lokisa tsa melato ea bahlanka ba hae. Eitse h’a qala ho lokisa, a tlisetsoa e mong ea nang le molato le eena oa litalenta tse likete li leshome. ‘Me e re ka ha a n’a se na hoo a ka lefang ka hona, mong’a hae a laela hore a rekisoe, hammoho le mosali oa hae le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, a lefe.
Empa mohlanka eo a itihela maotong a hae, a re: Ak’u iphapanyetse ‘na, ‘me ke tla u lefa tsohle. Monghali a utloela mohlanka oa hae bohloko, a mo lokolla, ‘me a mo tšoarela molato. Eare hoba mohlanka eo a tsoe, a fumana e mong oa balekane ba hae ea neng a e-na le molato oa lidenare tse lekholo ho eena. A b’a s’a mo tšoara a mo khama, a re: Lefa molato ua hau.
Empa molekane oa hae a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: Ak’u iphapanyetse ‘na, ‘me ke tla u lefa tsohle. Mohlanka eo a hana, ‘me a ea, a mo kenya chankaneng ho fihlela a ba a lefa molato. Balekane ba hae, ha ba bona tse etsahetseng, ba soaba haholo, ‘me ba tla phetela morena oa bona tsohle tse hlahileng.
Eaba mong’a hae o’a ‘mitsa, o re ho eena: Mohlanka e mobe, ke u tšoaretse molato ua hau oohle, hobane u ile ua nthapela. Ana e ne e se tšoanelo hore le uena u hauhele molekane ua hau, joalokaha le ‘na ke u hauhetse? ‘Me mong’a hae a halefa haholo, a mo nehela bahlokofatsi ho fihlela a lefa molato kaofela.
Ntate ea maholimong o tla le etsa joalo, ha e mong le e mong oa lona a sa tšoarele ngoan’abo ka pelo eohle ea hae.
Ha Jesu a qetile lipolelo tseo, a tloha Galilea, a tla karolong ea Judea e ka mose ho Jordane.
