Makhoakhoa le Likila ba ileng a sebetsa merafong ea Afrika Boroa ho tloha ka selemo sa 1966 ho tla kena ho sa 2019, ba ingoliselitse ho fumana litsiane tsa bokulo bo bakiloeng ke lerole la merafo ho tloha ka la 21 Phupu monongoaha.
Tsena li bile tlasa leihlo le nchocho la Komiti ea Boiketlo ba Sechaba Paramenteng ea Lesotho, e ileng ea theola letlole le fupereng chelete ea Basotho bao la Tšiamiso, Afrika Boroa hore le kenelle kahar’a metse ea naha ena, le ngolise Basotho bao, bahlolohali bao banna ba bona ba ileng ba sebetsa teng le ba nang le tokelo ’moho le ho fana ka litokomane tsohle tse hlokoang hore chelete eo e be matsohong a bona.
Molula-Setulo oa Balula-Setulo ba Likomiti tsa Paramente, Mokhothu Makhalanyane o re paramente e ipehetse hore ha selemo sena se kolumela, Tšiamiso ea be e fuparisitse Basotho ba 5, 000 chelete ea bona, ka hoo ngoliso e tla etsoa literekeng tsohle tsa naha.
O re ba behile litaba tsena leihlo ho bona hore Basotho ba una molemo haholo ha ba sebelitse le ho qhoalisoa ke lerole la merafo. O re lichelete tseo Basotho ba tla li fumana li tl’o bapala karolo e kholo ntlafalong ea moruo oa naha.
A bonts’a ha tlhokahalo ea mesebetsi e tla ‘ne e theohe hanyane ka hanyane hobane batho ba tla tseba ho qalella ho iphelisa. O re e le likomiti ba hloka ho bona Basotho ba lefshoa e seng ho ngolisa ho se litsiane.
Mothehi oa Mokhatlo oa Basotho ba mehleng ba sebelitseng Merafong, Toantšo Bantsi o itse ba leboha paramente ka ho ba ela hloko le ho bona hore Basotho ba tla qetella ba fumana litsiane tsa bona. O re taba ena e ba nkile nako e telele hore e sebetsoe ke ba ikarabellang. O re linaha tse ling basebetsi ba tsona ba ileng ba sebetsa merafong ba se ba una molemo.
