Vinkmag ad

O hlahloba lipontšo tsa temo

Motlotlehi Letsie III o ipilelitse ho bacha ho ikakhela ka setotsoana litabeng tsa kanetso ea lijo le phepo e nepahetseng. O entse boipiletso bona moketeng oa lipontšuoa tsa temo le mesebetsi ea matsoho o bileng Ha Lejone Seterekeng sa Leribe ka la 28 Hlakola monongoaha.

O boletse hore litaba tsa phepo e nepahetseng ha se tsa batho ba baholo feela empa le bacha ba na le karolo eo ba ka e bapalang ho matlafatsa le ho tiisa litaba tsena tsa phepo ea nepahetseng. A thoholetsa bacha ba seng ba ntse ba le kahare ho temo le phepo e nepahetseng ka ho ba mehlala e metle lithakeng tsa bona. A kopa ka matla a maholo ho bacha ho nka mohlala oo o motle.

Rabasotho a supa hore phepo e nepahetseng e qala nakong ea bokhachane ba ‘m’a le lesea, ‘me ka lebaka la khaello ea phepo nakong ea bokhachane bana ba bangata Lesotho mona le Afrika ba hlaha boima ba bona bo le tlase, ‘me sena ke sesupo sa hore bana ba mofuta o joalo ba ke ke ba hola ka tsela e nepahetseng.

A tiisa hore khaello ea phepo e nepahetseng e kotsi haholo nakong ea bokhachane kaha e ka ama ngoana nakong ea tlhaho ea hae. A khothaletsa bahoebi ho tsetela temong e le ho thusa ho matlafatsa phepo e nepahetseng kahare ho sechaba sa Basotho. “Hobane le le bahoebi le ke ke la atleha ho hoeba kahar’a sechaba se lapileng, se kulang le hore likhoebo tsa lona li ke ke tsa atleha kahar’a moruo o tetemang.” A rialo.

A phethela ka ho supa hore letsete leo ba ka le etsang phepong e nepahetseng, le ka tsoalla Basotho litholoana tse molemo mabapi le kholo ea moruo oa naha. A hlokomelisa banna hore phepo e nepahetseng ha se taba ea basali feela empa le bona ba kenye letsoho ka ho lema meroho le ho rua likhoho, likolobe le meutloanyana.

H’a bua moketeng ona Letona la Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng, Mohlomphehi Thabo Mofosi o itse ba na le selekane le mekhatlo ea machaba e kang WFP le World Vision ho matlafatsa phepo e nepahetseng ka ho ba thusa ho eketsa lihaha-mmele le matsoai lijong.

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 Tlhakubele 2025

Read Next

La 3 Tlhakubele 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular