Vinkmag ad

HigherLife e rupela litichere

Ofisi ea Econet-Lesotho ea Letlole la Lithuso Baneng ea Higherlife Foundation, e tšoaretse litichere a 120 ho hlaha literekeng tse leshome tsa naha, thupelo eo sepheo sa eona e leng ho chorisa litichere mabapi le lihlapiso tse fuoang bana ba tlokotsing, ba hlokang, ba pasang haholo le ho ba beha leseling mabapi le mesebetsi e fapakaneng e etsoang ke Higherlife Foundation e reretsoeng ho khutlisetsa sechabeng. Thupelo ena e bile Sekolong se Phahameng sa Mazenod ka la 13 ho isa la 14 Hlakola 2025.

Puisanong le e mong oa bahlanka ba Higherlife Foundation, Monghali Pokane Shakhane o hlalositse hore thupelo ea mofuta ona ha se ea pele, empa e tšoaroa selemo le selemo kaha e thusa litichere hore na bana ba ka etsa likopo tsa lihlopiso ka litsela life le hore na bana ba seng ba ntse ba thusoa ke Letlole ba ka hlokomeloa joang.

O re e boetse e fana ka tlhabollo ho litichere holima mosebetsi o moholo oo ba o etsang oa ho hlokomela bana ba thusoang ke Letlole. H’a phethela Shakhane o itse thupelo ena e reretsoe feela litichere tsa Likolo tse Phahameng, moo Higherlife Foundation e nang le bana bao e ba lefellang lithuto tsa sekolo.

E mong oa ba bileng thupelong ena Mofumahali ‘Matoka Mochaba oa Sekolo se Phahameng sa Lihlabeng o itse ba khotse melemo e meholo thupelong ena kaha ba hlaloselitsoe ka botebo hore na litebello tsa mofani ke life malebana le ho kopela bana lithuso. “Le hore na re thusa bana joang hore ba iphumane ba fumane lithuso ho tsoa ho Letlole. Le hore ha ba se ba ntse ba le kahare ho lona re ba thuse ka tsela eo ba tla atleha ho pasa lithuto tsa bona.” A rialo a bile a eketsa ka hore le lithuso tsena tseo ba  thusoang ka tsona li se ke tsa khaoloa ba ‘ne ba tsoelepele ka tsona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Hlakola 2025

Read Next

La 15 Hlakola 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular