Vinkmag ad

La 23 Loetse 2024

Beke ea 25 har’a selemo

Sehopotso sa  Pius oa Pietrelcina, Moprista

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Maele. (3,27-34)

“Morena o nyonya bolotsana bohle.”

Ngoan’a ka, se hane ho etsetsa ea nang le tokelo molemo, ha eba e le ntho e matleng a hao. Se re ho mohaeno: Tsamaea, u tl’u boele u khutle, ke tla u fa hosasa: athe u s’u nts’u e-na le ntho eo. Se rerele mohaeno bobe, ha a ntse a lulisane le uena a u tšepile. Se tsekisane le motho ntle le lebaka, a sa u etsa hampe. Se thahaselle ho etsisa mohlekefetsi, se ikhethele leha e le ‘ngoe ea litsela tsa hae.

Hobane Morena o nyonya molotsana, empa o na le setsoalle le ba pelo li ntle. Thohako ea Morena e holim’a ntlo ea ea khopo, empa o hlohonolofatsa lehae la ba lokileng. O soma basomi, ba eisehang o ba bontša mohau.

PESALEMA 14 (2-5. R. 1)

EA LOKILENG O TLA AHA THABENG E HALALELANG EA HAO, MORENA.

Morena, ke mang ea ka kenang tlung ea hao,

ke mang ea ka ahang thabeng e halalelang ea hao?

Ke ea sa nyatseheng metsamaong ea hae,

ea etsang tse lokileng,

ea buang ‘nete e tsoang pelong ea hae,

Eo leleme la hae le sa etselletseng,

ea sa etseng oa habo hampe,

ea sa nyefoleng ngoan’abo.

Mahlong a hae ea khopo oa nyeliseha,

empa batho ba tšabang Morena b’a hlompheha.

Ha a alimane ka chelete a lebeletse phaello,

ha a amohele tjotjo ho tsoa ho ea se nang molato.

Ea etsang tsena

a ke ke a oa le khale.

Ho baloa Evangelinge halalelang e ngotsoeng ke Luka. (8,16-18)

“Lebone le hlongoa sehlomelong hore ba kenang ba tle ba bone leseli.”

Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele: Ha ho motho eo e reng ha a hotelitse lebone a le kubute ka pitsa, kapa a le behe ka tlas’a bethe, empa o le hloma sehlomelong hore ba kenang ba tle ba bone leseli. Hobane ha ho ntho e patiloeng e ke keng ea pepesoa, ‘me ha ho ntho e ka sephiring e ke keng ea tsejoa ‘me e ke keng ea pepesaha.

Ka baka leo, hlokomelang kamoo le utloang kateng, hobane ea seng a e-na le letho o tla fuoa, ‘me ea se nang letho o tla amohuoa le seo a hopolang hore o na le sona.

Vinkmag ad

Read Previous

Vodacom e ananela bohle

Read Next

La 24 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular