Vinkmag ad

21 Loetse 2024

MOKETE OA MATHEUS EA HALALELANG, MOAPOSTOLA LE MO-EVANGELISTA

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Efese (4,1-7-11-13)

“Ba hlophiselitsoe mosebetsi oa tšebeletso, ‘Mele oa Kriste o tle o hole.”

Bana beso! ‘Na ke le litlamong ka baka la Morena, kea le rapela, le mpe le phele ka mokhoa o tšoanelang pitso eo le e bilelitsoeng: Ka boikokobetso bohle, ka bonolo, ka mamello, ka ho iphapanyetsana ka lerato.

Le thahaselle ho boloka bonngoe bo tsoang ho Moea o Halalelang le ho bo tiisa ka tlamahano ea khotso, ‘Mele o mong le Moea o mong, joalokaha le tšepo eo le bilelitsoeng ho eona e le ‘ngoe. Morena o mong, tumelo e ‘ngoe, hlatsuo e ‘ngoe. Molimo o mong eo e leng Ntat’a bohle, ea phahametseng bohle, ea sebetsang ho bohle, ‘me ea leng teng ka ho bohle.

E mong le e mong oa rona o abetsoe grasia ho ea kamoo Kriste a lekantseng mpho ea hae kateng. Ke eena hape ea fileng ba bang ho ba baapostola, ba bang ho ba baprofeta, kapa baevangelista, kapa balisa le baruti. Ka mokhoa ona, bahalaleli ba hlophiselitsoe mosebetsi oa tšebeletso, ‘Mele oa Kriste o tle o hole ho fihlela ha bohle hammoho re finyella bonngoeng ba tumelo le ba tsebo ea Mora oa Molimo, le boemong ba motho ea phethehileng, ea tiileng, ea nang le botlalo ba Kriste.

PESALEMA 18

SEO LI SE BOLELANG SE PHATLALLA LE LEFATšE LOHLE.

Maholimo a bolela letlōtlo la Molimo,

‘me sebaka sa maholimo

se phatlalatsa mosebetsi oa liatla tsa hae.

Matsatsi a joetsana taba eo,

masiu a neheletsana tsebo eo,

Ntle le puo, ntle le lipolelo,

ntle le molumo oa lentsoe.

Empa seo li se bolelang se phatlalla le lefatše lohle,

molaetsa oa tsona o finyella le pheletsong tsa lefatše.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (9,9-13)

“Ha kea tla ho bitsa ba lokileng, empa baetsalibe.”

Ka nako eo, ha Jesu a tloha moo, a bona monna ea bitsoang Matheus a lutse tlung ea khafa ‘me a re ho eena: Ntatele! Eaba Matheus oa ema, oa mo latela.

Eitse ha Jesu a ntse a le lijong ka tlung, bakhafisi le baetsalibe ba bangata ba tla lula le eena le barutuoa ba hae. Ha Bafarisi ba bona hoo, ba re ho barutuoa ba hae: Ke ka baka la’ng ha moruti oa lona a e-ja le bakhafisi le baetsalibe?

Jesu a ba utloa, ‘me a re ho bona: Ba hlokang ngaka ha se ba phelang hantle, empa ke ba kulang. Tsamaeang le e’o ithuta hore na ke ho re’ng ha ho thoe: Hoo ke ho batlang ke mohau, e seng sehlabelo. Hobane ha kea tla ho bitsa ba lokileng, empa baetsalibe.

Vinkmag ad

Read Previous

Baphatlalatsi ba ithuta tsa maliboho

Read Next

Vodacom e ananela bohle

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular