Vinkmag ad

La 20 Loetse 2024

Beke ea 24 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (15,12-20)

“Ha eba Kriste a sa ka a tsoha, tumelo ea lona ke lefeela.”

Bana beso! Ha e le moo re ruta hore Kriste o tsohile bafung, ba bang ba löna ba ka bolela joang hore tsoho ea bafu ha e eo? Ha eba tsoho ea bafu e le sieo, le Kriste ha a ka a tsoha. ‘Me ha eba Kriste a sa ka a tsoha bafung, ho ruta ha rona ha ho thuse letho, le tumelo ea rona ha e thuse letho. Ha ho le joalo, ha eba bafu ba sa tsohe, re fumanoa re le lipaki tsa bohata tsa Molimo, kaha re pakile leshano ka Molimo, re re o tsositse Kriste bafung, empa a sa ka a mo tsosa.

Hobane ha eba bafu ba sa tsohe, le eena Kriste ha a ka a tsoha. ‘Me ha eba Kriste a sa ka a tsoha, tumelo ea lona ke lefeela, le sa le libeng tsa lona. Hoja ho joalo, le bona ba ithobaletseng ho Kriste ba ka be ba timetse. Ha eba re ka tšepa Kriste mabapi le bophelo bona feela, re malimabe ho feta batho bohle. Empa joale Kriste o tsohile bafung, e le thakangoaha ea ba ithobaletseng.

PESALEMA 16 (1.6-7.8 le 15. R. 15)

MORENA, KE TLA KHONEHA KE HO U BONA HA KE TSOHA.

Ke hoeletsa ho uena, Molimo oa ka,

hobane u tla nkaraba.

Sekeha tsebe, u mamele lentsoe la ka.

U bonahatse kamoo mohau oa hao o tsotehang kateng,

uena ea pholosang ka letsoho la hao

ba balehelang hole le ba ba hlaselang.

U mpaballe joaloka thaka ea leihlo la hao,

u mpate moriting oa mapheo a hao.

Ha e le ‘na, ha ke se ke ahloletsoe,

ke tla boha sefahleho sa hao,

ke tla khoneha ke ho u bona ha ke tsoha.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (8,1-3)

“Basali ba neng ba mo baballa ka lintho tsa bona, ba tsamaea le bona.”

Ka nako eo, Jesu a tsamaea le metse le metsana, a ntse a ruta batho, a ba bolella molaetsa oa tsa ‘Muso oa Molimo. O n’a e-na le ba leshome le metso e ‘meli, le basali ba bang ba neng ba folisitsoe lefu la meea e mebe le maloetse: Maria ea bitsoang Magdalena, eo bademone ba supileng ba neng ba tsoile ho eena, le Joanna, mosali oa Kusa eo e neng e le mosebeletsi oa Heroda, le Susanna le ba bang ba bangata ba neng ba mo baballa ka lintho tsa bona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 19 Loetse 2024

Read Next

Baphatlalatsi ba ithuta tsa maliboho

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular