Vinkmag ad

Japan e fa lekala M139Millione

Letona la Thuto le Koetliso Prof. Ntoi Rapapa ka kopanelo le Moemeli oa Japan Naheng ea Lesotho Mohlomphehi Ushio Shigeru, Mohokahanyi oa Makhatlo oa Lithuso oa Japan(JICA) Mohlomphehi Okada Kaoru le boemeli ba balisa ba likereke Lesotho, ba phethotse lekote la morero o moholo oa khaho ea meaho e fapakaneng ea likolo tse ‘ne tse phahameng kahare ho naha. Tšebeletso ena e bile Sekolong se Phahameng sa Motsekuoa Seterekeng sa Mafeteng ka la 15 Phato 2024.

Likolo tse tlang ho una molemo ke tse Phahameng tsa Abia, St. Catherine’s tsa Setereke sa Maseru, sa Mt. Royal Seterekeng sa Leribe le sa Motsekuoa Seterekeng sa Mafeteng. Likolo tsena tse hloaetsoeng morero ona, ke tse nang le bana ba nang le bokooa bo fapakaneng e le ho ntlafatsa bophelo ba bona.

Meaho e kenyeletsa khaho e fapakaneng ea liphaposi tsa ho rutela, bolulo ba baithuti, bolulo ba litichere, li-LAB tsa lithuto tsa mahlale, liphaposi tsa lithuto tsa ICT le liphaposi tsa ho jela.

Prof. Rapapali o boletse hore Naha ea Japan e fane ka mpho ea chelete e kaalo ka M66Millione bakeng sa khaho ea meaho ea likolo tsa Abia le Mt. Royal. Athe haele Motsekuoa le St. Catharines e nehelane ka M73Million. A tiisa hore limillione tsena tsa Maloti ha se kalimo empa ke mpho e tsoang botebong ba lerato la sechaba sa Naha ea Japan. A leboha ka mokhoa o khethehileng ka mpho ena.

Mohlomphehi Ushio Shigeru o boletse hore morero ona o moholo oa ho phallela Naha ea Lesotho ke bopaki bo matla ho boitlamo ba bona ba ho ntlafatsa maemo a thuto kahare ho naha le ho bona hore ngoana ka mong o ba le monyetla oa ho ithutela tikolohong e ntle e hloekileng. Morero o lebeletsoe hore ho be o phethetsoe ka selemo sa 2025.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Phato 2024

Read Next

La 17 Phato 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular