Vinkmag ad

Se imolla sa QMMH

Tona-Kholo Mohlomphehi Samuel Matekane o re Sepetlele se secha sa Setereke sa Maseru se tlil’o fokotsa tšubuhlellano e teng Sepetleleng sa Sehopotso sa Mofumahali ‘Mamohato le tšebetso ea sona e boima eo se neng se etsa letsatsi ka leng. O buile tsena h’a bula ka molao Sepetlele sa Setereke sa Maseru, mabaleng a Motse-Moholo Maseru ka la 13 Phupjane monongoaha.

O hlalositse hore litšebeletso tse tla fumanoa sepetleleng sena li kenyeletsa har’a tse ling tlhahlobo ea boemo bo holimo ba mahlo, mafu a mang ao Lekala la Bophelo le neng le a batlela pheko Naheng ea Afrika Boroa ‘me seo se tla bolokela naha chelete. A re se tla boela se fane ka litšebeletso tse kang tsa tlhoekiso ea liphieo, mafu a letlalo, kalafo ea bakuli ba kulang haholo, mechini e hlahlobang boemo ba bophelo ba ‘mele oa motho, ho tsoma matšoao a mofetše oa letsoele, oa mala le mefuta e meng ea mafu.

A re sepetlele sena se matahane le sa Huang Chang No.1 Naheng ea China e le ho fa lingaka le baoki ba lipetlele tsena tse peli ho kopana khafetsa, ka tšebeliso ea marang-rang ho thakelana ka malebela. “Ha ho tika-tiko mosebetsi ona o re isa moo morero oa ‘muso oa ho anetsa litšebeletso tsa bophelo o tla phethahala.” A rialo a bile a phethela ka ho ipiletsa ho bohle ba tlang ho sebelisa sepetlele sena ho baballa thepa ea sona le ho se boloka se le makhethe ka linako tsohle.

Letona la Bophelo, Mohlomphehi Selibe Mochoboroane.

Letona la Bophelo, Mohlomphehi Selibe Mochoboroane o lebohile ka mokhoa o khethehileng baetapele bohle ba Naha ea Lesotho ba ileng ba etsa tsohle tse matleng a bona ho bona hore seemahale sena se ba teng. “’Me ke ema mona ho lebohela sechaba sa Basotho.” A rialo. A tšepisa sechaba se neng se phuthehile ka bongata bo hlollang pulong ena hore ba tlil’o leka sohle seo ba tla atleha ho se etsa ho bona hore se fumana litšebeletso tsa boleng, tse tsoileng matsoho.

Moemeli oa Naha ea China, Lei Kezhong o lebohile tšebelisano ‘moho e mofuthu le Naha ea Lesotho. A re setsoalle sa bona ke se tsoelang pele ‘me a tšepisa hore ba tlil’o tsoelapele ho tšehetsa Lesotho mafapheng a fapakaneng a bophelo.

Sepetlele sena se sechaba se neng se tsebahala ka lebitso la Mofumahali Elizabeth II se lebeletsoe ho amohela bakuli ba 4, 000 tikolohong ea Maseru le literekeng tse ling tsa naha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Phupjane 2024

Read Next

La 15 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular