Vinkmag ad

La 13 Motšeanong 2024

Beke ea 7 ea Paseka

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (19,1-8)

“Na le ile la amohela Moea o Halalelang mohla le qalang ho lumela?”

Matsatsing ao, ha Apollo a le Korinthe, Paulosi a feta naheng e kaholimo, a fihla Efese. Teng a fumana barutuoa ba bang ‘me a re ho bona: Na le ile la amohela Moea o Halalelang mohla le qalang ho lumela na? Bona ba araba, ba re: Le hore Moea o Halalelang o teng, ha re e-s’o utloe. A botsa hape, a re: Ha ho le joalo, le ne le hlatsuoe ka hlatsuo efe? Ba re: Ka hlatsuo ea Joannes.

Eaba Paulosi o re ho bona: Joannes o n’a hlatsoa batho ka hlatsuo e bontšang pako, a ba bolella ho lumela ho ea tla tla ka morao ho eena, ke hore Jesu. Eitse ha ba utloile tsena ba hlatsuoa ka lebitso la Morena Jesu. ‘Me hoba Paulosi a ba behe matsoho, Moea o Halalelang oa theohela ho bona ‘me ba qala ho bua lipuo le ho profeta. Kaofela e ne e le batho ba ka bang leshome le metso e ‘meli.

Eaba Paulosi o kena ka tlung ea thapelo. Ka khoeli tse tharo o n’a nts’a bua, a sa tšabe letho, a ruta ka mokhoa o kholisang ka tsa ‘Muso oa Molimo.

PESALEMA 67 (2-7. R. 33)

BINELANG MOLIMO LONA MEBUSO EA LEFATšE.

Molimo a ke a phahame, ‘me lira tsa hae li ghalane.

ba mo hloileng ba balehe pel’a hae!

Ba nyamele joaloka mosi o nyamelang sebakeng.

joaloka boka bo qhibilihang pel’a mollo.

Empa ba lokileng ba thabile,

ba nyakaletse pel’a Molimo, ba motlotlo ke thabo.

Binelang Molimo, le roke lebitso la hae ka lifela.

ithabeleng ka Morena, le nyakalle pel’a hae.

Ke ntat’a likhutsana, moahloleli oa bahlolohali

o joalo Molimo qalong e halalelang ea hae.

Molimo o fa ba-se-nang-mang-oee lehae,

o lokolla batšoaruoa ho ba busetsa boiketlong.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (16,29-33)

“Betang lipelo, ke hlotse lefatše.”

Ka nako eo, barutuoa ba Jesu ba re ho eena: Mona teng u bua phatlalatsa, ha u sa bua ka lipapiso. Rea tseba joale hore u tseba tsohle, ‘me ha ho hlokahale hore u botsoe ke motho. Ka hona, re lumela hore u tsoile ho Molimo.

Jesu a ba fetola, a re: Na lea lumela joale na? Bonang nako ea tla ‘me e se e fihlile, eo le tla qhalana ka eona e mong le e mong a ee moo a eang, ‘me le tla ntšiea ke inotši. Empa ha ke inotši, hobane Ntate o na le ‘na. Ke le boleletse tsena hore le be le khotso ho ‘na. Lefatšeng le tla tšoenyeha; empa betang lipelo, ke hlotse lefatše.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11 Motšeanong 2024

Read Next

La 14 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular