Vinkmag ad

La 5 ‘Mesa 2024

Beke ea Paseka

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (4,1-12)

“Ha ho e mong eo re ka pholohang ka eena.”

Ka morao ho pholiso ea seritsa, eare Peterosi le Joannes ba sa ntse ba bua le sechaba, baprista le molaoli oa Tempele le Basadduke ba fihla, ba hlokofetse hobane baapostola bao ba ne ba ruta sechaba, ba bolela tsõho ea bafu ka Jesu.

Ba ba tšoara, ‘me ka ha e ne e se e le mantsiboea, ba ba kenya chankaneng ho fihlela ka la hosasane. Leha ho le joalo, ba bangata ho ba neng ba utloile puo ea Peterosi ba lumela, ‘me palo ea banna ba balumeli ea etsa likete tse hlano. Ka la hosasane marena a sechaba, baholo le bangoli ba phutheha ‘moho Jerusalema, le moprista e moholo Hanna, le Kaifa, le Alexander, le bohle bao e leng ba leloko la baprista. Hoba ba emise batšoaruoa har’a bona, ba ba botsa, ba re: Ke ka matla afe, kapa ka lebitso lefe, le entseng hona na? Peterosi a tlala Moea o Halalelang ‘me a re ho bona:

Marena a sechaba le baholo! Ere ka ha kajeno re tšoanetse ho ikarabella ka ketso e molemo, eo re e etselitseng motho ea holofetseng, le ka hore na o folisitsoe joang, ho ke ho tsejoe ke lõna kaofela le ke sechaba sohle sa Israele, hore ke ka lebitso la Morena oa rõna Jesu Kriste oa Nazaretha, eo löna le mo thakhisitseng, eo Molimo a mo tsositseng bafung, ke ka lebitso la hae, ha enoa a eme pel’a lõna a folile. Ke eena Jesu eo e leng lejoe le lahliloeng ke lona liahi, le entsoeng lejoe la ntlha la motheho. Ha ho e mong eo re ka pholohang ka eena, hobane tlas’a leholimo ha ho lebitso le leng le nehiloeng batho, leo re ka pholosoang ka löna.

 

PESALEMA 117 (1-2.4.22-27. R. 22)

LEJOE LEO LIAHI LI LE LAHLETSENG THOKO LE FETOHILE LEJOE LA MOTHEHO.

Bokang Morena, hobane o molemo

mohau oa hae ke o sa feleng.

Ba tšabang Morena ba ke ba re:

mohau oa hae ke o sa feleng.

 

Lejoe leo liahi li le lahletseng thoko

le fetohile lejoe la motheho.

Ke lena letsatsi le entsoeng ke Morena,

a re nyakalleng ‘me re ithabeleng ka lona.

 

Oho Morena, ak’u fane ka pholoho!

Oho Morena, ak’u fane ka katleho!

Morena ke Molimo, o re file leseli.

Ts’oarang mahlaku, le koloke,

le be le e’o fihla manakaneng a aletare.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (21,1-14)

 

“Jesu a atamela, a nka bohobe, a ba neha bona, a nt’o etsa joalo le ka litlhapi.”

Ka nako eo, Jesu a boela a iponahatsa ho barutuoa ba hae lebopong la leoatle la Tiberiase. A iponahatsa ka mokhoa ona: Simone Peterosi, Thomas ea bitsoang Lefahla, Nathanael oa Kana e Galilea, bara ba Zebedea le barutuoa ba bang ba hae ba babeli ba ne ba le hammoho. Simone Peterosi a re ho bona: Ke sa il’o tšoasa lihlapi. Ba re ho eena: Le rõna re ea le uena. Ba fela ba ea, ba hloella sekepaneng. Empa bosiung boo, ha ba ka ba tšoasa letho.

Ha bosiu bo e-sa, Jesu a ema lebopong, le hoja barutuoa ba sa ka ba tseba hore ke eena. Jesu a re ho bona: Bana, na le na le ho hong ho ka jeoang? Ba mo araba, ba re: Che. A re ho bona: Akhelang letlooa ka ho le letona la sekepana, ‘me le tla tšoasa. Eaba baa le akhela, ‘me ba ne ba sitoa ho le hula ka baka la bongata ba lihlapi.

Morutuoa ea ratoang ke Jesu a re ho Peterosi: Ke Morena! Eitse ha Peterosi a utloa hore ke Morena, a apara, hobane o n’a hlobotse, ‘me a ikakhela leoatleng. Barutuoa ba bang ba tla ka sekepana, ba hula letlooa le tletseng lihlapi; hobane ba ne ba se hole le lebopo, sebaka se ka etsang litsoe tse makholo a mabeli.

Ha ba fihla lebopong, ba bona mollo o hlenneng, hlapi e behiloe holim’a oona, le bohobe. Jesu a re ho bona: Tlisang lihlapi tse ling tseo le tsoa li tšoasa. Simone Peterosi a hloella sekepaneng ‘me a hulela letlooa lebopong. Le ne le tšetse lihlapi tse kholo tse lekholo le mashome a mahlano a metso e meraro. Leha li ne li le ngata hakalo, letlooa ha lea ka la taboha. Jesu a re ho bona: Tloong le je. Ha ho le ea mong oa barutuoa ea ileng a ba le sebete sa ho ‘motsa, a re: u mang? Hobane ba ne ba tseba hore ke Morena. Joale Jesu a atamela, a nka bohobe, a ba neha bona, a nt’o etsa joalo le ka lihlapi. Lena e ne e le lekhetlo la boraro, leo Jesu a iponahatsang ka lona ho barutuoa ba hae, hoba a tsohe bafung.

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 ‘Mesa 2024

Read Next

La 6 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular