Vinkmag ad

La 13 Tlhakubele 2024

Beke ea 4 ea Karisima

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (49, 8-15)

“Ka u behela ho ba selekane sa sechaba, hore u hlophe naha bocha.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: “Ka nako e behiloeng ea mohau oa ka ke tla u utloa, ke u phallele tsatsing la pholoho. Ka u bopa ‘me ka u behela ho ba selekane sa sechaba hore u hlophe naha bocha, u arolele batho masimo a letseng.

E-re ho ba litlamong: Tsoang! Ho ba lutseng lefifing: Hlahang! Ba tla fumana makhulo tseleng, ba alosetsoe moo e neng e le lehoatata. Ha ba tl’o lapa leha e le ho nyoroa, ha ba tl’o bolaoa ke moea o chesang leha e le letsatsi; hobane ea ba hauhetseng o tla ba tsamaisa ‘me a ba ise lilibeng tsa metsi. Lithabeng tsohle ke tla etsa litsela, mebila e tla batalatsoa. Ke bao, ba e-tla ba tsoa hole, ba bang ba tsoa Leboea le Bophirima, ba bang naheng ea Sinime.

Etsang litlatse, lona maholimo; u nyakalle, uena lefatse; lona lithaba, le etse mehoo ea thabo; hobane Morena o ts’elisa sechaba sa hae. Sione o n’a re: “Morena o ntahlile, Molimo oa ka a ntebala.” Ana mosali a ka lebala lesea la hae, a khaotsa ho rata ngoan’a popelo ea hae? Esita leha bo-‘m’a ba ka lebala, ‘na nke ke ka u lebala le khale.”

PESALEMA 144 (8-9.13-14.17-18. 7. 8)

MORENA O MOSA, O LEREKO.

Morena o mohau, o mosa,

o lieha ho halefa, o mehauhelo e mengata.

Morena o molemo ho bohle,

o hauhela mesebetsi eohle ea hae.

Morena o ts’epahala lipolelong tsohle tsa hae,

o mohau liketsong tsohle tsa hae.

Morena o ts’ehetsa bohle ba khothometsehang,

‘me o kobolla bohle ba khokhopaneng.  

Morena o lokile litseleng tsohle tsa hae

o mohau mesebetsing eohle ea hae.

Morena o haufi le ba hoeletsang ho eena

 bohle ba hoelehetsang ho eena e le ka ‘nete.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (5, 17-30)

“Joaloka ha Ntate a tsosa bafu ‘me a ba phelisa, ka mokhoa o joalo le eena Mora o phelisa batho kamoo a ratang.”

Ka nako eo, Jesu a araba Bajudi ka ho re: Ntate o ntse a sebetsa le joale, ‘me le ‘na kea sebetsa.

Ka baka la polelo eo Bajudi ba ne ba batla ka matla ho ‘molaea, e seng feela ka baka la hobane o tlola molao oa sabbatha, empa le ka baka la ho bolela hore Molimo ke Ntat’ae, a iketsa ea lekanang le Molimo.

Jesu a tsoelapele, a re: Kannete-nete kea le bolella, Mora o sitoa ho etsa letho ka bo eena, ha e se seo a se bonang ntate a se etsa; hobane tsohle tseo Ntate a li etsang, le eena Mora o li etsa joalo. Efela Ntate o rata Mora ‘me o ‘monts’a mesebetsi e fetang ena, le tle le makale.

Joaloka ha Ntate a tsosa bafu ‘me a ba phelisa, ka mokhoa o joalo le eena Mora o phelisa batho kamoo a ratang. Hape, Ntate ha a ahlole motho, empa o nehile Mora kahlolo eohle, e le hore bohle ba hlonephe Mora joaloka ha ba hlonepha Ntate. Ea sa hlonepheng Mora ha a hlonephe le Ntate ea mo romileng.

Ka ‘nete- nete, kea le bolella, ea mamelang lentsoe la ka ‘me a lumela ho Ea nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng. Ha a ka ke a ahloloa, empa o tsoile lefung ‘me o fetetse bophelong.

Ka ‘nete- nete, kea le bolella, nako ea tla, ‘me e se e le eona, eo bafu ba tla utloa lentsoe la Mor’a Molimo, ‘me ba le utloileng ba tla phela. Joaloka ha Ntate a e-na le bophelo ka ho eena ka mokhoa o joalo o nehile Mora ho ba le bophelo ka ho eena, ‘me o mo nehile matla a ho ahlola, hobane ke Mor’a Motho.

Se makalleng hona, hobane nako ea tla, eo ka eona bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la Mor’a Molimo, ‘me ba tla tsoa mabitleng a bona, ba entseng tse ntle ba tsohe hore ba phele, athe ba entseng tse mpe ba tsohe hore ba ahloloe. Ke sitoa ho etsa letho ka bo-‘na feela. Ke ahlola joaloka  ha ke laetsoe ke Ntate, ‘me kahlolo ea ka e lokile, hobane ha ke batle thato ea ka, empa thato ea Ea nthomileng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Tlhakubele 2024

Read Next

La 14 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular