Vinkmag ad

Standard Lesotho e pharalatsa litšebetso

Mookameli oa Banka e Kholo ea Lesotho Dr. Emmanuel Maluke Letete ka kopanelo le Motsamaisi oa eona Monghali Anton Nicolaisen, ba butse ka molao lekala la Standard Lesotho Bank  le sa tsoa nchafatsoa le ho atolosoa, tšebeletsong e bileng mabaleng a Lekala lena,  Tikolohong ea Mofumahali oa Tlholo, Maseru ka la 9 Hlakola 2024.

Hara tse ling tsa lintlafatso tse ntsoeng lekaleng lena, li kenyeletsa katoloso ea moaho e le ho fokotsa tšubuhlellano, ho fumantša baji  litšebeletso tse tsoileng matsoho, mechini e mecha ea maemo a ntlafetseng e amohelang chelete bakeng sa ho thusa baji bosiu le motšeare. Lekala lena le boetse le fuoe chebahalo e ncha e ntle ka meaho e metle ea sejoale-joale. Ka holimo ho tsohle, litšebeletso tsa lona li se li behiloe maemong a  tšoanang le a libaka tse ling tsa Afrika moo Standard Bank Group e sebetsang teng.

Dr. Letete o supile hore morero o moholo oa bona oa ho atolosa litšebeletso tsa banka ke molemong oa ho holisa le ho atlehisa moruo oa naha ena. A ipiletsa ho basebeletsi bohle ba banka ho sebeletsa baji ka mofuthu le ka boikokobetso. “Etsoe moreki ke morena.” A rialo.

Monghali Anton Nicolaisen eena, o supile hore banka joaloka mekhatlo e meng e ahang maano a kholo e itšetlehile ka batho ka bo-mong, monongoaha e ikelelitse ho etsa maano a macha a tlang ho  nolofaletsa baji ho fumana litšebeletso tse fapakaneng. A tiisa hore ba ntse ba tlil’o tsoela pele ho ntlafatsa maemo a litšebeletso molemong oa baji, literekeng tse kang Qacha’s Nek, Leribe le tse ling.

Vinkmag ad

Read Previous

Vodacom Foundation e phallela baithuti

Read Next

Balumeli ba keteka le Mobabatsehi

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular