Baokameli ba Sepolesa literekeng tse leshome tsa Naha ea Lesotho, ba phatlalalitse meralo ea bona ea matšolo a tšebetso, molemong oa ho loantša litlolo tsa molao, ho sireletsa thepa le bophelo ba sechaba sa Basotho, mafelong a malelele a Keresemese le selemo se secha. Tsena li bile ‘mokeng oa batlalehi ba litaba, o bileng Ntlo-Kholo ea Sepolesa, Maseru ka la 15 Tšitoe 2023.
Matšolo a na a tšebetso a kenyeletsa hara a mang ho etsa lithibella tsa likoloi mebileng, ema-ke-u-seche, metebo-ntloana libakeng tseo ho bonahalang litlolo tsa molao li phahame metseng le kahar’a ho literopo le boteng ba sepolesa ka bongata kahar’a metse le literopong.

Mookameli oa Sepolesa COMPOL Holomo Molibeli o ile a phatlalatsa hore bookameli ba sepolesa bo tla fana ka likhau ho mapolesa a tla ipabola tšehetsong ea ona ea ho loantša le ho thibela litlolo tsa molao, nakong ena ea Keresemese, esita le mafapha a fapakaneng a sechaba, ao e saleng a tšehelitse sepolesa ho fenya litlolo tsa molao.
