Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Siraka (48,1-4.9-11)
Elia o tla tla hape.
Ha hlaha Elia, moprofeta ea joaloka mollo, lentsoe la hae le tuka joaloka serumula. A lihela batho tlala, ka cheseho ea hae a fokotsa palo ea bona. Ka taelo ea Morena a koala leholimo, ‘me hararo a theola mollo oa lona.
U tlotliloe hakaakang, Elia ka limakatso tsa hao ! Ke mang ea ka ithorisang ka ho re o tšoana le uena? Uena ea ileng a nkeloa holimo setsokotsaneng sa mollo ka kariki e huloang ke pere tsa mollo.
Ho ngotsoe ka uena hore u tla tla khalema ka nako e behiloeng, ho kokobetsa khalefo ea Morena pele e tuka ho boelanya ntat’a le mora, le ho tsosa meloko ea Jakobo. Ho lehlohonolo ba u boneng ‘me ba ithobaletseng leratong la Molimo.
PESALEMA 79 (2-3.15-16.18-19. 4)
MOLIMO OA RONA, U BOELE U RE KHUTLISE: U RE BONTŠE SEFAHLEHO SE ELILENG, ‘ME RE TLA PHOLOHA.
Sekeha tsebe, Molisa oa Israele,
uena ea lulang ka holim’a bo-Kerubime.
Tsosa matla a hao,
u tl’o re pholosa.
Molimo oa tsohle, ak’u khutle,
ak’u talime u le maholimong ‘me u bone,
u tl’o hlokomela morara ona.
U sireletse se hlonngoeng ke letsoho la hao,
mora eo u ikholiselitseng eena.
Letsoho la hao le ke le haeletse eo u mo baballang,
mor’a motho eo u ikholiselitseng eena.
Ha re sa tla u furalla;
u tla boela u re phelisa,
‘me re tla rapela lebitso la hao.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (17,10-13)
”Elia o s’a tlile, ‘me ha ba ka ba mo tseba.”
Ha ba theoha thabeng, barutuoa ba botsa Jesu, ba re: Ke ka baka la’ng bangoli ba reng e ka khona Elia a tle pele na? Eena a fetola, a re ho bona: Efela Elia o tšoanetse ho tla, ho nchafatsa tsohle. Empa kea le bolella, Elia o s’a tlile, ‘me ha ba ka ba mo tseba, empa ba mo entse tsohle kamoo ba ratileng kateng; Mor’a motho le eena o tla utloisoa bohloko joalo ke bona.
Joale barutuoa ba utloisisa hore o bua ho bona ka Joannes Mohlatsoi.
