Vinkmag ad

La 22 Pulungoana 2023

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Bo-Makabea (7, 1.20-31)

“‘Mopi oa tsohle o tla le buseletsa phefumoloho Ie bophelo.”

Matsatsing ao, ho ne ho le teng hape bara ba supileng ba motho ba ileng ba tšoaroa ‘moho le ‘m’a bona: Khosi e ile ea ba hlokofatsa ka liphafa le ka marapo, ho ba qobella ho ja nama ea kolobe. ‘M’a bona ebile motho oa mohlolo, ea lokelang ho hopoloa ka tlhompho. Ka baka Ia ho beha tšepo ea hae ho Morena, a ikutloa a le sebete ho talima bara ba hae ba supileng ba bolaoa tsatsi le le leng. O n’a khothatsa e mong le e mong ka puo ea ha habo bona, a e-na le boikemisetso bo tsepameng, pelo ea hae ea motho oa mosali e rutlehile ke maikutlo a kang a motho oa monna. O n’a re ho bona:

“Hona hore na le tlile joang ka popelong ea ka, ha ke tsebe; ha se ‘na ea le sitsitseng ka phefumoloho le ka bophelo, le teng ha se ‘na ea bopileng litho tsa e mong le e mong oa löna. Empa ke ‘Mopi oa tsohle ea khobang motho tlhahong ea hae, ebile tlholeho ea tsohle e tsoa ho eena. Ka hona, eena, ka mohau oa hae, o tla le buseletsa phefumoloho le bophelo hobane le itetse ka baka Ia melao ea hae”.

Antioke a hopola hore oa nyelisoa, a ba a belaela ka hore e tla ke ebe o s’a hlapaotsoe polelong eo. Ke ka hona eitseng ha e monyenyane a sa setse, khosi e sa kang ea lebisa mantsoe a khothatso feela ho eena, empa ea ba ea mo hlapanyetsa hore e tla mo etsa morui, e mo khotsofatse, e mo etse motsoalle oa eona, e be e mo fe mosebetsi o phahameng, ha feela a ka furalla meetlo ea bo-ntat’ae.

Ere ka ha mohlankana a n’a sa natse hoo, khosi ea bitsa ‘m’ae, ‘me ea mo khothaletsa ho eletsa moshanyana ho ipholosa. Hoba e mo khothaletse halelele, a lumela ho eletsa mora. A inamela ka nq’a ka ho ngoana, a phoqa morena ea sehloho ka ho bua puo ea habo bona, a re: “Ngoan’a ka, nkutloele bohloko, ‘na ea u jereng popelong likhoeli tse robong, ea u nyantšitseng lilemo tse tharo; ka ba ka u ötla, ka u holisa ho fihlela u ba mokana. Joale kea u köpa, ngoan’a ka, boha leholimo le lefats’e, talima

tsohle tse ho tsona, u b’u tsebe hore Molimo ha a ka a li etsa ka se neng se se se bile teng pele, le oona moloko oa batho o hlahile joalo.

U se ke ua tšaba sekebekoa sena, u mp’u ipakahatse u le oabo bana beno ka ho amohela lefu, e le hore ka nako ea mohau ke tle ke tsebe ho boela ke u fumana u e-na le bona”.

A sa ntsane a bua, mohlankana a re: “Le sa emetse’ng? Ha ke mame!e taelo ea khosi, ke mamela litaelo tsa Molao oo bo-ntat’a röna ba o nehiloeng ka Moshe. Ha e le uena, moqapi oa bobe bohle bo hlahelang Ba-Heberu, u ke ke ua phonyoha liatleng tsa Molimo.”

PESALEMA 16 (1.5-6.8.15.15)

MORENA KE TLA KHONEHA KE HO U BONA HA KE TSOHA.

Ak’u mamele, Morena, ha ke ikopela toka,

u utloe mohoo oa ka,

u sekehele thapelo ea ka tsèbè,

hobane e tsoa molomong o se nang thetso.

Mehato ea ka ha ea kheloha litsela tsa hao,

 ‘me maoto a ka ha a ka a rerekela.

Ke hoeletsa ho uena, Molimo oa ka,

hobane u tla nkaraba.

Sekeha tsèbè, u mamele lentsoe Ia ka,  

U mpaballe joaloka thaka ea leihlo Ia hao,

u mpate moriting oa mapheo a hao.

Ha e le ‘na, ke tla boha sefahleho sa hao,

ke tla khoneha ke ho u bona ha ke tsoha.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.(19,11-28)

“Ke ka baka Ia’ng ha u sa ka ua beha chelete ea ka bankeng?”

 Ka nako eo, Jesu a bolela papiso e ‘ngoe, hobane o n’a s’a le haufi le Jerusalema, ‘me ba ne ba kholoa hore ‘Muso oa Molimo o s’o le haufi le ho bonahatsoa, a re ho bona:

Motho e mong oa leloko Ia borena o n’a e-ea lefatšeng le hole ho nehoa litokelo tsa borena teng, a nt’o khutla. A bitsa ba leshome, ba bahlanka ba hae, a ba neha liranta tse leshome, ‘me a re ho bona: Hoebang ka tsona, ho fihlela ke khutla. Athe batho ba ha habo ba ne ba mo hloile, ‘me ba roma maqosa kamor’a hae ba re: Ha re rate ho busoa ke motho enoa.

‘Me ha etsahala hore hoba a khutle a nehiloe litokelo tsa borena, a laele hore a bitsetsoe bahlanka bao a neng a ba nehe chelete, a tle a tsebe hore na e mong le e mong o fumane phaello e kae. Eaba oa pele oa fihla, a re: Morena ranta ea hao e tsoetse liranta tse leshome. A re ho eena: Ke hantle, mohlanka ea molemo, ka hobane u ile ua tšepeha tabeng e nyenyane, u tla busa metse e leshome. Oa bobeli a tla, a re: Morena, ranta ea hao e entse liranta tse hlano. Le ho eena, a re: U tla busa metse e mehlano.

Ha tla e mong, a re: Morena, ke ena ranta ea hao, eo ke ileng ka e boloka e phuthetsoe ka lesela. Hobane ke ne ke u t’saba, ka ha u le motho ea thata; u nka seo u sa kang ua se beha, ‘me u kotula seo u sa kang ua se jala. A re ho eena: Ke u ahlola ka lipolelo tsa hao, mohlanka ea khopo. U ne u tseba hore ke motho ea thata, ea nkang seo a sa kang a se beha ‘me ea kotulang seo a sa kang a se jala. Ke ka baka Ia’ng ha u sa ka ua beha chelete ea ka bankeng na, e le hore mohla ke khutlang A ke e ntše hammoho le phaello ea eona?

A nt’o re ho ba neng ba le teng: Mo amoheng ranta ea hae, ‘me le e fe ea nang le liranta tse leshome. Ba re ho eena: Morena, o s’a e-na le liranta tse leshome! Ke re ho lòna, mang le mang ea seng a e-na le letho, o tla fuoa Ie ho feta, athe ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a ka bang Ie sona.

Ha e le lira tseo tsa ka tse sa kang tsa rata hore ke li buse, li tliseng mona ‘me le li bolaele mahlong a ka.

Read Previous

La 21 Pulungoana 2023

Read Next

La 23 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular