Vinkmag ad

La 20 Pulungoana 2023

Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Bo-Makabea, (1, 11-16.045.57-60.65-67)

“Sechaba se ne se oetsoe ke khalefo e tšabehang,”

Matsatsing ao, ho ile ha hlaha lehlomela le khopo, e Ieng Antioke Epifanes, mora oa Khosi Antioko. E kile ea e-ba motšoaruoa ea paneng Rome, pele a ka qala ho busa selemong sa lekholo le mashome a mararo a metso e supileng sa puso ea Ma-Gerike.

Matsatsing ao, le Israeleng, ha hlaha sehlopha sa batho ba khopo, ba ileng ba qhekella ba bangata ka ho re: “A re e’o hlabang selekane le lichaba tse re pota-potileng; hobane ha e sa le re ikhaohanya le tsona, re hlahetsoe ke bobe bo bongata.” Polelo ena ea amoheleha.

Ba bang ba sechaba ba phakisa ba ea ho khosi, e ileng ea ba fa tumello ea ho latela mekhoa ea bahetene. Eaba ba aha ntlo ea boithapollo ho ea ka meetlo ea lichaba, ba boela ba ipusetsa boqaing, ba koenehela le selekane se halalelang, ba khema le balichaba, ba inehela bokhopo.

Khosi Antioke a phatlalatsa hohle ‘musong oa hae taelo e reng: bohle ba ipope ba iketse sechaba se le seng, motho ka mong a furalle meetlo ea habo. Lichaba tsohle tsa amohela taelo ea Khosi; ‘me le Israeleng ba bangata ba lumellana le tšebeletso esele ba nyehela melimo ea bohata mahlabelo ‘me ba tlontlolla Sabbatha.

Ka la leshome le metso e mehlano, khoeling ea Kisleve, selemong sa lekholo le mashome a mane a metso e mehlano, khosi ea aha tlontlollo e tšabehang holim’a aletare ea mahlabelo; le metseng e ka mathoko ea Juda ha ahoa lialetare. Moarubelo o n’o chesoa menyakong ea matlo le mapatlelong. Ha libuka tsa Molao, li ne li fumanoa, li ne li ee li taboloe, li akheloa mollong.

Mang kapa mang ea neng a fumanoa a e-na le buka ea Selekane, kapa a latela Molao, o n’a ee a ahloleloe lefu ka baka la taelo ea khosi.

Leha ho le joalo, Israeleng ba bangata ba ema ba tiile, ba ba le sebete sa ho hana ho ja lijo tse sa hloekang. Ba ikhethela ho shoa ho e-na le ho itšilafatsa ka lijo tse joalo le ho tlontlolla selekane se halalelang; ‘me ba fela ba shoa. Israele e n’e oetsoe ke khalefo e tšabehang.

PESALEMA 118 (53.61.134.150.155-158. 88)

MPHELISE MORENA, KE TLE KE ELE LITEMOSO TSA HAO HLOKO.

Re bipelitsoe ke khalefo ka baka la ba khopo,

ba nyahlalitseng Molao oa hao.

Maraba a ba khopo a nteetse hare,

Empa ha ke lebale Molao oa hao.

Ntopolle khatellong ea batho,

Ke tle ke boloke litaelo tsa hao.

Ba mathang ka mor’a bobe ba se ba le haufi,

ba ntse ba chechella hole le Molao oa hao.

Pholoho e hole le ba khopo,

Hobane ha ba khathalle thato ea hao.

Ke tennoe ke ho bona bakoenehi,

hobane ha ba natse pallo ea hao.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka        (18, 35-43)

“U rata hore ke u etse’ng? Morena, ke bone!”

Ha etsahala hore ha Jesu a atamela Jeriko, sefofu se seng se ne se lutse pel’a tse!a, se ntse se kopa. Eare ha se utloa letšoele le feta, sa botsa hore na taba ke’ng. Ba se bolella hore ke Jesu oa Nazaretha ea fetang. Eaba se hooa, se re: Jesu, Mor’a Davida u nkhauhele!

Ba neng ba le kapele ba se khalemela hore se khutse. Empa sona sa hooa ho feta pele: Mor’a Davida, u nkhauhele! Jesu a ema, a laela hore se tlisoe ho eena. Eitse ha se atametse, a se botsa, a re: U rata hore ke u etsetse eng? Sa re: Morena, ke bone!

Jesu a re ho sona: Bona! Tumelo ea hao e u pholositse. ‘Me hang sa bona, sa mo latela, se ntse se tlotlisa Molimo, ‘me sechaba kaofela se boneng hoo sa rorisa Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

Bo bolaisa 34Millione ea LEC leino

Read Next

La 21 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular