Vinkmag ad

Temo ea lifate tsa litholoana

Basotho ba ka sebelisa libaka tse malapeng le meeling ea masimo ho thibela khoholeho ea mobu ka temo ea lifate tsa litholoana. Tsena li boletsoe ke mothehi oa khoebo ea Lesotho Nursery Shop, e tummeng ka ho rekisa lifate tse nyalisitsoeng, Ralechate Mokose, puisanong ka mohala le Koranta ka la 30 Mphalane monongoaha.

O re temo ea lifate tsa litholoana e bohlokoa kholisong ea moruo, kaha litholoana li butsoa ka linako tse fapakaneng ‘me taba ena e ka thusa potolohong ea moruo ho latela hore na kotulo e ba joang. A re ha batho ba bangata ba ka ikakhela ka setotsoana temong ea tsona Basotho ba phelang ka ho rekisa litholoana mapatlelong a literopo ba tla nolofalloa ke ho li fumana ha bonolo ka litheko tse tlaase.

A khothaletsa batho ho hlahisa liapole le liperekisi Hlabula, Mariha lamunu le lemon. A bont’sa ho le bohlokoa hore batho ba be le mefuta e fapakaneng ea lifate, e le hore li tsebe ho nyalisoa ke moea kapa monko kaha e le nelehetsano ea lifate ea ho phela.

Mokose o re lifate tse sa nyalisoang li bohlokoa kaha li sa fetoleloe hore li butsoe kapele, ha tse nyalisitsoeng li butsoa ka pele, li bile li fetoloa ha bonolo ho latela nako eo mohlahisi a ratang li butsoe ka eona.

A re ho bohlokoa hore ho be le libaka tse ka hloauoang e le tsa bolulo le libaka tsa temo hore ho bolokoe mobu. A bont’sa ha pejana matlo a ne a e-ba mesikong ea lithaba kapa matsoapong, empa matsatsing ana batho ba aha masimong. A re Basotho ba khaotse ho aha matlo masimong, kaha taba eo e senya mobu o ntlafetseng.

A re bothata bo tjametseng Basotho ke tlala le lenyora la ho ba le chelete ka nako e khuts’oanyane ba lebetse ho baballa mobu eleng letlotlo le leholo. A re ‘muso o lokela ho tla ka leano la ho sireletsa mobu oa masimo molemong oa nts’etsopele ea temo.

H’a phethela o itse ha lifate li hlokomeloa hantle, li ts’elloa, li lokisetsoa mobu, li ts’elloa menonts’a, li lula li lemelloa khafetsa hore methapo ea teng e fumane matsoai. A re lifate ha li hlokomelehile li hlahisa litholoana tsa boleng tse ka rekisoang, ‘me ha li sa faoloe li beha litholoana tse se nang boleng, ‘me hore sefate ebe se ntlafetse se lokela ho beha   liperekisi tse fetang 300.

Vinkmag ad

Read Previous

Infantino o fana ka matšeliso

Read Next

La 1 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular