Vinkmag ad

Infantino o fana ka matšeliso

President ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bolo ea Maoto(FIFA), Monghali Gianni Infatino o fane ka matšeliso, ho Mokhatlo oa Lesotho oa Bolo ea Maoto(LeFA) ka tahlehelo e kholo ea  setho sa mehleng sa Komiti ea Phethahatso ea LeFA Mofu Thabo  Pule.

Lengolong leo a lengoletseng President ea LeFA ka la 31 Mphalane 2023, Adv. Salemane Phafane KC, o bontšitse hore lefu la Monghali Thabo Pule ke tahlehelo e kholo ho barati le batšehetsi bolo ea maoto, ‘me o hloka mantsoe a lekaneng ho e hlalosa.

A re ka boitelo le ho itahlela ka setotsoana kholong le kholisong ea papali ea bolo ea maoto kahar’a naha, Mofu Pule o entse nalane papaling ea bolo Lesotho. “Ka lebaka la ho hlompheha ha papali ea bolo Lesotho, ntate Thabo Pule re ke ke ra mo lebala, ‘me ka ‘nete o siile sekheo se seholo.” A rialo a bile a phethela ka hore lebitsong la lelapa la papali ea bolo ea maoto lefatše ka bophara, o se a isa matšeliso a khethehileng ho Naha ea Lesotho.

Ho sa le joalo, Mofu Thabo Pule o tlil’o tšoareloa sehopotso sa bophelo ba hae ka Bambatha, Maseru, ka Labone la la 2 Pulungoana 2023, ‘me o tla phomotsoa borokong ba hae ba ho qetela Cana, Berea, ka la 4 Pulungoana 2023.

Vinkmag ad

Read Previous

Re buisana le sebini sa lapeng

Read Next

Temo ea lifate tsa litholoana

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular