Vinkmag ad

Baitlami ba Sefapano b’a keteka

Baitlami ba Sefapano se Halalelang, ba ketekile mokete o moholo oa Tlotliso ea Sefapano se Halalelang, tšebeletsong e bileng St. Patricks Cathedral, Mohale’s Hoek, ka la 14 Loetse monongoaha. Sehlabelo sa ‘Missa ona o etsang nalane e kholo  kahare ho Baitlami ba Sefapano se Halalelang o ne o etelletsoe pele ke Mobishopo oa Mohale’s Hoek, Mohlomphehi John Tlhomola SCP, a tlatsisoe ke baprista ba bararo.

Khothatsong ea hae e matla kapel’a sechaba sa bakriste le Baitlami ba Sefapano se Halalelang, Mobishopo Tlhomola o boletse hore Sefapano se Halalelang ke pholoho ea rona bohle, hobane eo re mo latelang ke Eena ea ileng a re fumanela bophelo ka ho thakhisoa sefapanong. A re hangata rona re ntse re e-s’o utloisise hantle, bohlokoa ba lifapano ka moo e leng tšoanelo ka teng. “Hobane ‘na le lona hangata haeba ha se ka mehla, re atisa ho talima bohloko e le ntho e soabisang hobane re tloaetse ho lekenya tsohle ka maikutlo a lefatše.” A rialo.

Mookameli oa Kopano ea Baitlami ba Sefapano se Halalelang, Sr. Clementina Tebateba.

A re bohloko le ha bohlekefetsa tumelo ea rona, re lokela ho utloisisa hore bo atisa grasia le moea oa kahare. A re sefapano se ntša litšila tsa moea, se khotsofatsa Molimo, se re fumantša litokelo tse ngata, se re kopanya le Jesu le ho re lokisetsa lehlohonolo la leholimo. A phethela ka hore bohloko bo utluoang nameng bo ke ke ba bapisoa le lehlohonolo la ho kopana le Jesu, ‘me “ke ka lebaka lena re bonang bohlokoa ba sefapano, ‘me re se khomarelang, re bile re utloisisa hore pholoho ha eo kantle ho sona hobane eo re mo latelang, ke eena ea ileng a re fumanela bophelo ka ho thakhisoa sefapanong.”

Kamora Sehlabelo se Halalelang sa ‘Missa, mokete o ile oa tsoelapele ka lipuo, lithoko le liteboho ho Morena Jesu Kriste ka Sefapano se Halalelang se ileng sa re pholosa makhopong. H’a lokolisa likamano tsa bona le mokete oa Tlotliso ea Sefapano se Halalelang, Sr. Isdora Damane o itse ba amana le Sefapano sa Jesu ea tlotlisitsoeng ka ho phela moea lefu la tsoho ea Jesu Kriste. A re bona e le Baitlami ba Sefapano ha ba fane feela ka Jesu Kriste ea thakhisitsoeng, empa ba bua bophelo le ho fana ka tšepo ea hore Jesu Kriste h’a sala lebitleng empa oa phela, “’me re kha metsi lehlakoreng la hae, re tlisa bophelo sechabeng sa Morena Molimo. Ha re talima Sefapano re re ke pholoho.”  A qetella ka hore Baitlami ba Sefapano ba phela ‘Misteri oa Paseka e leng oa Mahloko, ka ho fana ka bophelo e leng tšepo ea hore mathata ke qalo ea bophelo bo bocha empa ha se qetello ea bona. A re khubu ea bophelo ba Baitlami ba Sefapano ke ho phela sephiri sa lefu le tsoho ea Jesu Kriste.

Mookameli oa Kopano ea Baitlami ba Sefapano se Halalelang Sr. Clementina Tebateba eena puong ea hae ebile ho leboha Morena Molimo ka bathehi ba Kopano ena, e leng Ntate Theodosius Florentini le Sr Bernarda. A leboha bohle ba kentseng letsoho ka mekhoa eohle katlehisong ea mokete ona. A lihella ka ho ipiletsa ho bacha bohle, ho itahlela ka setotsoana mesebetsing eohle ea Kereke le ho tlotlisa Morena Molimo ka litalenta tsa bona.

Vinkmag ad

Read Previous

Maoblata a pharalatsa motse

Read Next

Mokhatlo oa bochaba o re sekoele Basotho

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular