Vinkmag ad

LDF Ladies e koebana le Ntopwa

Bompoli ba bolo ea maoto ea basali e bile e le sehlopha sa basali sa Sesole sa Lesotho, (LDF Ladies) ba tlohile kahare ho naha ka Labobeli la la 29 Phato monongoaha, ho e lata letailane Durban, Afrika Boroa, moo ba tlang ho koebana le sehlopha sa Ntopwa ea naha ea Malawi, litlholisanong tsa Mohope oa lihlopha tseo e leng bompoli ba liki linaheng tsa habo tsona(CAF Women’s Champions League).

LDF Ladies ke eona e tlil’o simolla lipapali tsena khahlanong le Ntopwa lebaleng la Sugar Ray ka Laboraro la la 30 Phato 2023, ebe lipapali tsa eona tse hlahlamang e bapala le Double Action ea Botswana ka la 1 Loetse, ha ka la 4 Loetse teng e tla bapala papali ea eona ea boraro le Green Buffaloes ea Zambia. Sehlopha se tla hlola litlholisanong tsena se tla emela tikoloho ea Afrika lipapaling tsa CAF tse tlang ho tšoareloa naheng ea Ivory Coast ho tloha ka la 5 ho isa la 29 Pulungoana 2023.

Ke lihlopha tse robeli tseo e leng bompoli linaheng tsa habo tsona tse tlang ho qothisana lehlokoa litlholisanong tsena, ‘me li arotsoe ka mekhahlelo e ‘meli. Mokhahlelo oa pele oa A ke Green Bufaloes ea Zambia, LDF Ladies ea Lesotho, Double Action ea Botswana  le Ntopwa ea Malawi. Athe Mokhahlelong oa B teng ke Cost Do Sol ea Mozambique, Mamelodi Sundown Ladies  ea  Afrika Boroa, Olympic De Moroni ea Comoros le Young Buffaloes ea Eswatini. Lihlopha tsena ke tse ileng tsa hapa liki linaheng tsa habo tsona selemong sa lipapali sa 2022/2023.

Pejana sehlopha sa LDF Ladies se tloha kahar’a naha mokoetlisi oa sehlopha Lengana Nkhethoa a ile a bolela hore bona ba malala-a-laotsoe ho e hlanaka le sehlopha sefe kapa sefe seo ba tlang ho kopana le sona. A tiisetsa barati le batšehetsi ba bolo ea maoto ea basali hore LDF Ladies e tlilo etsa sohle se matleng a eona ho tlisetsa Basotho le Lesotho tlholo.

A re ho na le lihlopha tse kholo tseo ba tlil’o kopana le tsona litlholisanong tsena, ‘me se malala-a-laotsoe ho tla sebelisa maqiti le mahlale a ho tla li hlola. A kopa barati bohle ba bolo ea maoto ho tšehetsa sehlopha sa bona sa LDF Ladies. Ke lekhetlo la bobeli ka tatellano LDF Ladies e kenela litlholisano tsena, ‘me ka selemo sa 2021 ha e qala ho kena e ne e hloloe ho fetela leotong la pele la litlholisano tsena. Ka hona Basotho ba na le t’sepo e tiileng ea hore ka boithuto boo ba seng ba e-na le bona ka lipapali tsena, ba tla atleha ho finyella lipapaling tsa makhaola-khang tse tlang ho ba thusa ho fetela naheng ea Ivory Coast monongoaha.

Vinkmag ad

Read Previous

Emisang ho fa sepolesa tjotjo-Insp. Mofoka

Read Next

Lets’eng e kenya letsoho toants’ong ea litlolo tsa molao

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular