Vinkmag ad

Re motlotlo ka Baena ba Setefane-‘Mokela

Re motlotlo haholo ka Kopano ea Baena ba Setefane ba ‘mishone oa Vincent ea Halalelang , hobane re bona kholo kahare ho kopano ea bona, ‘me sena se pakahatsoa ke palo e phahameng bona hoo ba tlalang Aletareng nakong ea litšebeletso, le ho ithukhubetsa ka matla a maholo mesebetsing eohle ea Kereke. Tsena li boletsoe ke Molula-Setulo oa Lekhotlana la Kereke, Mofumahali ‘Mampeke ‘Mokela nakong eo a neng a buisana le ba Moeletsi oa Basotho, ‘mishoneng oa St. Vincent, Ha Matala,  ka la 27 Phato monongoaha, moketeng oa ho khakola letlapa le lecha la Baena ba Setefane le bitsoang Mohau oa Molimo.

‘Mokela o boletse hore Kopano ea Baena ba Setefane e bonahetse e le matla haholo hoba le kamora qholotso e kholo ea seoa sa COVID-19, litho tsa eona ha liaka tsa eba le nako eo li theohang haholo joaloka tsa likopano tse ling ‘me taba eo, e ile ea ba thabisa haholo.

A re boitokisetsong ba bona ba ho tla hatisa letlapa lena le lecha e bile sesupo sa hore kholo le matla li teng kahare ho bona, e tsoe ba ne ba se ba qetetse khale ho utloa ‘mino oa bona o ba hlabollang le ho ba fepa moeeng. “O re o bona bonngoe kahare ho bona, ‘me ba sebetsa ka thata ho etsa botle, e le hore Kopano ea bona e hlahe e le ea batho ba nang le boikarabello. Ka liketso tsa bona ba hohela le ho hlokomelisa bacha ba bang hore ho tsamaea le Morena Molimo ke ntho e ntle.” ‘Mokela o boletse joalo.

H’a tsoelapele ‘Mokela o bontšitse hore khakolo ea letlapa lena la bona le lecha, e ba thabisitse haholo, ‘me ba leboha Morena Molimo haele mona ba fihletse takatso ea bona ea ho boela ba ntša letlapa le leng. A ipiletsa ho bohle ho ba tšehetsa ka ho reka letlapa lena kaha o mong oa merero ea bona ka CD ena, ke ho tla kenya letsoho le toma khahong ea holo e ncha ea Kereke.

Mong’a ‘mishone oa St. Vincent, Ntate Augustinus Khakhane OMI, o thoholelitse le ho lebohela Baena ba Setefane ka CD ena ea bona e ncha. A re ba kentse letsoho le toma haholo kholong ea Kereke, ‘me a bontša hore ho monate haholo ho bona bacha ba le kahare ho Kereke ea Morena Molimo, ho e-na le ha ba le kathoko moo bophelo ba bona bo ka ‘nang ba eba tlokotsing e kholo.Ntate Khakhane  h’a araba potso ea hore e se ka ba mohlomong ba bang ba itletse tabeng ea pina feela, o bontšitse hore Baena ba Setefane ba St. Vincent  ha se batho ba pina feela, empa ba teng ka linako tsohle litšebeletsong tsohle tsa Kereke ho phetha litšoanelo tsa bona. “Ba etsa mesebetsi e mengata ea Kereke, ‘me ke le molisa oa bona ke khotsofetse haholo.” A rialo.

Mookameli oa Kopano ea Baena ba Setefane, Katiso Setai, eena o hlalositse hore ba qalile ho hatisa ka selemo sa 2012, ‘me hajoale ba se ba e-na le li-CD tse tharo ka ena e ncha. A re ba qapa ‘mino oa bona ba ipapisitse le lipesalema le tsohle tseo e bang lia etsahala. A etsa mohlala ka pina eo ba ileng ba e qapa e buang ka seoa sa COVID-19, eo ba neng ba rapela le ho kopa Morena Molimo hore lefu leo le emise hang-hang. A supa hore se ileng sa ba qholotsa hore ba qetelle ba se ba qapa lipina ke ho bona talenta ea ‘mino e teng kahare ho Baena ba Setefane, “empa e kholo ka ho fetisisa ke hore pina ke ho rapela habeli.”

A phethela ka hore lipokello  tsa li-CD tsena li tlilo ba thusa ho holisa mokotla, ho reka liaparo tsa Kopano, ho ba khahlametsa ka karolo e itseng  maetong a kang a lireterete, empa e kholo ke ho kenya letsoho kholisong ea Kereke ea habo bona. A kopa bohle ho ba tšehetsa ka ho reka CD ena ea bona.

Vinkmag ad

Read Previous

Litabe o phomotse

Read Next

Chamisa o hana sephetho

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular