Vinkmag ad

Swalllows e ekeletsoa matla

Litšebeletso tsa Sehlabelo se Halalelang sa ‘Missa, tsa ho rapella le ho hlohonolofatsa sehlopha sa bolo ea maoto sa Swallows, ka morero oa ho se fa matla a ho tla qala lipapali tsa sona tsa mokhahlelo o ka tlaase oa A Division ka mafolo-folo, li ile tsa tšoareloa Parishing ea Maria Mofumahali oa Lefatše, Mazenod, ka la 6 Phato monongoaha.

Litšebeletso tsena tse neng li etelletsoe pele ke mong’a Parish Ntate Patrick Khoaele OMI, ho boetse ha rapelloa le ho hlohonolofatsa libapali tse tharo tse kileng tsa bapalla sehlopha sa Swallows, e leng Sekhoane Moerane ea seng a bapalla sehlopha sa ‘Semonye’LMPS le Retšelisitsoe Mopeli ea seng a le sehlopheng sa ‘Sohle Sohle’ LDF ‘A Matšo Matebele’, ‘me ba bapalla sehlopha sa naha sa Likuena, athe Lehlohonolo Fothoane o ile a fumana litlhohonolofatsa matsatsi a se makae pele ho Sontaha, kaha a ne a tlameha ho tsamaea le sehlopha sa Bantu ho bapala lipapali tsa setsoalle naheng ea Botswana.  

H’a laea sehlopha sa Swallows le likhalala tsena tse peli tsa bolo ea maoto, Ntate Khoaele o ipilelitse ho bohle ho tlotlisa Morena Molimo ka litalenta tseo a ba fileng tsona. A re bohle bao Morena Molimo a ba fileng  litalenta tse fapakaneng ba li sebelise molemong oa ho intlafatsa le ho ntlafatsa bophelo ba sechaba sa habo bona. A ba kopa ho se ikhantše ka litalenta tseo ba li filoeng hobane ha se tsa bona, ‘me monga tsona o tla li nka ha ba sa li sebelise tlotlisong  ea lebitso la hae.

A re ke ka thapelo feela sehlopha sa Swallows se ka tsebang ho atleha mererong eohle ea sona le ho khutlela maemong ao se neng se le ho ona a Premier League. A ipiletsa ho bona ho rapela le ho kena kereke ka mehla. “Papali ea bolo matsatsing ana ke bophelo e ka isa motho makhulong a matala. Feela le kene kereke.”

Puisanong le Raliphatlalatso oa sehlopha sa Swallows, Rethabile Ramokotjo mabapi le ketsahalo ena e kholo ea tlhohonolofatso ea sehlopha, o itse sehlopha sa Swallows matla a sona a kolla thapelong kaha e le sehlopha se ileng sa thehoa ke Kopano ea Maoblata ka basebetsi ba kamphani ea Mazenod, ka hona tšepo e kholo ea bona ke Sehlabelo se Halalelang sa ‘Missa, e le ho kopa ho Morena Molimo hore a kene le bona leetong lena leo ba tlilo le qala. “Taba ke ho tla okha matla ho ‘Mopi oa rona hore a re atlehise re hlole lipapali tsohle tsa rona tsa selemo sena.” Ke Ramokotjo eo.

Ba bang ba libapali tsa Swallows bona, ba thoholelitse le ho leboha ka mokhoa o khethehileng botsamaisi ba sehlopha bo ileng ba hlophisetsa litšebeletso tsena molemong oa sehlopha. Ba re ka matla a leholimo ao b’a fumaneng  Sehlabelong se Halalelang sa ‘Missa, ba tlilo sebetsa ka thata ho bona hore Swallows e khutlela moo e neng e le teng pele, e leng ho Premier League.      

Vinkmag ad

Read Previous

IMBISA ka Loetse

Read Next

Lipolaeano li phahame

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular