Vinkmag ad

Mapolesa a tšoaroa ka bosholu

Mookameli oa Sepolesa sa Lesotho, COMPOL Holomo Molibeli o re litho tse peli tsa sepolesa, Constable Sempe Theko le Constable Poloko Lehoko, ba sebetsang Lefapheng la Sepolesa la Matšolo a Ikhethang (SOU), li ts’oeroe ka pelaello ea bosholu ba lithunya tse peli tsa moetso oa “Riffle” hona Lefapheng la SOU.

H’a tekela baphatlalatsi ba litaba, ‘mokeng oa beke le beke o bileng Ntlo-Kholo ea Sepolesa, Maseru, Molibeli o boletse hore ‘melaelloa oa pele Cons. Sempe Theko o ile a nka lithunya tse peli, a sa li nke ka morero oa ho ea li sebelisa bakeng sa mosebetsi, empa a li nkela bo-mphatoa’e, a kena koloing e neng e se ntse e lokisitsoe a tsamaea ka tsona.

A re Theko o ile a tsamaea a ea li pata ho ‘melaelloa oa bobeli e leng Cons. Poloko Lehoko, moo qetellong li ileng tsa felella ha ‘melaelloa oa boraro ea sa kang a rata ho phatlalatsa mabitso a hae, kaha a itse sepolesa se tla mo phatlalatsa hamorao ha se se se phethetse lipatlisiso. A re ‘melaelloa enoa pelaelo ke hore o sebetsa Litotomeng, Afrika Boroa.

Ka thoko ho pelaello ea bosholu ba lithunya tsena tse peli, Molibeli o itse kamora hore botsamaisi ba sepolesa bo etse qeto ea ho fetola Mookameli Lefapheng la Bosholu ba Boqhobane le Bosholu ba Likoloi, ba tlise mookameli e mocha, nakong eo bobeli bona bo neng bo nehelana ka mosebetsi, ho ile ha fumaneha ho e-na le lithunya tse ling tse 23 tsa moetso oa Pistol tseo e neng e le lipontšuoa, tseo le tsona li tlalehoang li nyametse hona ofising eo. A re sepolesa se tsoile letšolo ho etsa lipatlisiso malebana le litaba tsena, ‘me baetsi ba liketso tsena ba tlilo nkeloa likhato.

Litabeng tse ling hape tsa sepolesa, Molibeli o ile a amohela mabone a 20 ho tsoa ho e ‘ngoe ea likamphani tse ikemetseng, ao morero oa ona e leng ho bebofatsa mosebetsi oa mapolesa a laolang sephethephethe, haholo nakong ea tšebetso ea bosiu.

Vinkmag ad

Read Previous

CRROA e etela Litsi tsa Tlhabollo

Read Next

IMBISA ka Loetse

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular