Vinkmag ad

Ba 53 b’a lokolloa

Litsi tsa Tlhabollo ea Batšoaruoa (LCS) li tlalehoa li lokollotse batšoaruoa ba 53, ‘me kahare ho palo ena ba 51 ke ba emetseng linyeoe tsa bona ba le ka thoko ho Litsi tsa Tlhabollo, ha banna ba babeli bona ba ahlotsoe. Tsena li hlahelletse litlalehong tsa Litsi tsa Tlhabollo ea Batšoaruoa tsa beke le beke.

Litlaleho li supa hore monna a le mong o ahloletsoe ho hoehla Litsing tsa Tlhabollo nako ea likhoeli tse tšeletseng kapa ho itefella chelete e kaalo ka M600.00, ka lebaka la nyeliso ea lekhotla. Athe e mong eena o ahlotsoe likhoeli tse 18 kapa ho itefella M1,000.00 ka nyeliso ea Morena.

Ho feta mona ba neng ba emetse linyeoe ba 51, har’a bona ke basali ba babeli le banna ba 49. Liqoso tsa bona ke tse latelang: lipolao ke banna ba 21 le moshanyana a le mong, ho apola likobo ka sheshe ke banna ba robeli, ho qheketsa malapeng ke banna ba tšeletseng, bosholu bo atileng ke banna ba bahlano, bosholu ba chelete ke banna ba babeli, teko ea polao banna ba babeli, tšenyo ea thepa monna a le mong le moshanyana a le mong, bosholu ba liphoofolo monna a le mong, bosholu ba koloi monna a le mong le ho tlola molao oa tseleng monna a le mong.

Tlaleho e re har’a liqoso tsena tse ngata tseo babelaelloa ba neng ba qosoa ka tsona,  ba lokolotsoeng mokhahlelong oa pele ba 50, ‘me har’a bona ke banna ba 36 ba itefelletseng, ba bahlano ba lokolotsoe tlasa molao oa tseleng, banna ba bararo ba lokolotsoe bakeng sa ho ea ikalosa, banna ba babeli ba lokolotsoe hobane ba qetile likahlolo tsa bona. Ha banna ba babeli bona ba lokolotsoe hobane ba itefelletse, athe monna a le mong a lokolotsoe tlasa taelo ea lekhotla. Ha monna oa ho qetela a lokolotsoe hobane kahlolo ea hae e fanyehiloe.

Vinkmag ad

Read Previous

OCC e fana ka limpho ho bana

Read Next

CRROA e etela Litsi tsa Tlhabollo

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular