Vinkmag ad

La 14 Motšeanong 2025

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (1:15-17.20-26)

“E ka khona e mong oa bona e be paki ea tsoho ea hae hammoho le rona.”

Matsatsi ao, Peterosi a ema har’a baena ba ka bang lekholo le mashome a mabeli. A re: Banna ba heso, e ne e ka khona Mangolo a phethahale, a boletsoeng e sa pele ke Moea o Halalelang ka molomo oa Davida, mabapi le Judas, eo e bileng motsamaisi oa ba ileng ba tšoara Jesu. E ne e le e mong oa rona, ‘me o n’a e-na le kabelo tšebeletsong ena ea rona. Etsoe bukeng ea Lipesalema ho ngotsoe ho thoe: e mong a nke bolisa ba hae.

Ka baka leo, har’a banna ba bileng le rona nakong eohle eo Morena Jesu a phetseng har’a rona ka eona, ho qala ka hlatsuo ea Joannes, ho fihlela tsatsing leo a ileng a nkeloa leholimong ka lona, e ka khona e mong oa bona e be paki ea tsoho ea hae hammoho le rona.

Ba hlahisa ba babeli: Josefa ea bitsoang Barsabas kapa Justus, le Mathias. Eaba b’a rapela, ba re: Oho Morena, uena ea tsebang lipelo tsa bohle, ak’u bontše hore na, tšebeletsong ena ea boapostola, ke ofe ho ba babeli bana, eo u mo khethileng ho nka sebaka seo Judas a ileng a se furalla, ha a ikela sebakeng sa hae.

Ba ba etsetsa lotho, ‘me lotho ea ntša Mathias, ‘me a balelloa le baapostola ba leshome le motso o mong.

Pesalema 112

MORENA O MO LULISA LE MAHOSANA A SECHABA SA HAE.

 Lona bahlanka ba Morena, rorisang,

rorisang lebitso la Morena.

Ho bokoe lebitso la Morena,

ho tloha joale ho isa khale.

Ho tloha bochabela ho isa bophirima,

ho rorisoe lebitso la Morena.

Morena ke eena ea phahametseng lichaba tsohle,

letlotlo la hae le feta maholimo.

Ke mang ea joaloka Morena Molimo oa rona

ea lulang holimo-limo,

ea inamang ho sheba maholimo le lefatše,

Ea ntšang mofutsana litholeng,

ea nyollang mohloki thotobolong,

ho mo beha har’a mahosana,

le mahosana a sechaba sa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (15:9-17)

Ha ho motho ea nang le lerato le fetang lena la hore a telle metsoalle bophelo ba hae.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Joaloka ha Ntate a nthatile, lulang leratong la ka. Ha le boloka melao ea ka le tla lula leratong la ka, joaloka ha le ‘na ke bolokile melao ea Ntate ‘me ke lula leratong la hae. Ke le boleletse tsena hore thabo ea ka e be ka ho lona, ‘me thabo ea lona e ke e tlale.

Molao oa ka ke ona: le ratane joaloka ha ke le ratile. Ha ho motho ea nang le lerato le fetang lena la hore a telle metsoalle bophelo ha hae. Lona le metsoalle ea ka, ha feela le etsa seo ke le laelang sona. Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka h’a tsebe seo mong’a hae a se etsang; empa ke le bitsa metsoalle, hobane tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate, ke le tsebisitse tsona.

Ha se lona ba nkhethileng, empa ke ‘na ea le khethileng, hore le ee le behe litholoana, ‘me litholoana tsa lona e be tse sa senyeheng, ‘me sohle seo le tla se kopa ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa sona. Seo ke le laelang ke hore le ratane.

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 Motšeanong 2025

Most Popular