Vinkmag ad

Tsela ea Sefapano

(E neng e etsoe ke Mopapa John Paul II ea Halalelang ka Labohlano le Halalelang ka selemo sa 1991.)

Morena Molimo ea matla ohle ka lerato le hlollang u rometse Mor’a hau lefatšeng ho re tšoarela libe, le ho re boelanyana le uena le kamehla. Re hlohonolofatse ha re phuthehile pel’a hau, ho inahana ka mahlomola le lefu la hae, e le hore re tle re ithute ho uena tsela e lokelang, tsela eo re lokelang ho tsamaea ka eona. Re u kopa joalo ka Eena Kriste Morena oa rona, ea phelang ‘me ea busang le uena bonngoeng le Moea o Halalelang e leng Molimo kamehla le mehla. Amen.

Oho Morena rea u adora, rea u boka.

Hobane u lopotse lefatše ka sefapano sa hau.

Qalo ea 1

Jesu Serapeng ea Gesthemani

Matheus 26:36-41

Morena, ak’u re fe matla le bohlale re tle re labalabelle ho etsa thato ea hau kamehla le ka hohle.

Qalo ea 2

Jesu o ekoa ke Judas ‘me o’a tšoaroa

Mareka 14:43,46

Morena, ak’u re fe sebete sa ho ema re sa qea-qee tumelong le ho paka ka bophelo ba rona molaetsa o molemo oo u re tliselitseng ona.

Qalo ea 3

Jesu o isoa Lekhotleng la Baholo ba Sechaba

Luka 22:66-71

Morena, re sitse ka moea oa hore re tle re se ke ra khaotsa ho sebeletsa toka ea ‘Muso ua Hau oo u re tšepisitseng ona.

Qalo ea 4

Peterosi o latola Jesu

Matheus 26:69-75

Morena, ak’u re etse batho ba ‘nete ba tšepahalang e le hore re se tšabe ho bua ‘nete esitana leha ho se ho le thata.

Qalo ea 5

Jesu o ahloleloa lefu ke Pilato

Mareka 15:1-5, 15

Morena re fe maikutlo a tebileng a ho bona lintho ka moo u li bonang kateng, e se kamoo lefatše le li bonang kateng.

Qalo ea 6

Jesu o’a shapuoa ‘me o roesoa mofapahloho oa meutloa

Johannes 19:1-3

Morena, ak’u re fe mamello le boiphapanyo nakong ea matšoenyeho re tle re fane ka bophelo ba rona e le sehlabelo sa thoriso.

Qalo ea 7

Jesu o jara sefapano sa hae

Johannes 19:6, 15-17

Morena, ak’u re fe matla a ho ba le merero e tebileng e le hore re tle re jare lifapano tsa rona kamehla.

Qalo ea 8

Simone oa Sirena o thusa Jesu ho jara sefapano sa hae

Mareka 15:21

Morena, ak’u re fe moea oa ho ikamohela, le ho amohela tsohle re tle re be basebeletsi ba haufi le uena, re be basebeletsi ba u ratang lefatšeng lena.

Qalo ea 9

Jesu o kopana le basali ba Jerusalema ba mo latetseng

Luka 23:27-31

Morena, ak’u re sitse ka pelo tse bonolo re tle re tšelise bohle ba mahlomoleng, ba llang.

Qalo ea 10

Jesu o’a thakhisoa

Luka 23:33,34

“Ntate ba tšoarele hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.”

Morena, ak’u re sitse ka pelo tse tsebang ho hauhela, re tle re jale har’a batho moea oa mohau, oa poelano le oa tšoarelo.

Qalo ea 11

Jesu o balla lesholu le bakileng leholimo la hae

Luka 23:39-43

“Ruri kea u bolella, kajeno u tla ba le ‘na Paridising.”

Morena, ak’u re fe neo ea ho qophella re tle re se phetse ho u batla.

Qalo ea 12

Jesu o bua le ‘m’ae le morutuoa eo a mo ratang

Johannes 19:25-27

“Mosali, mor’a hau ke eo, mora ‘mao ke eo.”

Morena, re thuse ho topa ‘neteng re tle re tsebe ho emela ba se nang mang-ngoe.

Qalo ea 13

Jesu o shoa sefapanong

Luka 23:44-46

“Ntate ke beha moea oa ka matsohong a hau.”

Morena, re thuse ho beha tšepo eohle ea rona ho uena e le hore qetellong ea bophelo ba rona lefatšeng lena, re tle re khutlele ho uena ntle le tika-tiko.

Qalo ea 14

Jesu o patoa lebitleng

Matheus 27:57-60

Morena, re utloile bohloko re tle re tsebe ho thusa bohle ba hlokang.

 

Morena Jesu Kriste mahlomola le lefu la hau ke sehlabelo se kopanyang tsa lefatše lena le tsa leholimo, ‘me se boelanyang batho bohle le uena. Ak’u re thuse rona ba tsoa inahana ka limisteri tsena hore re tle re hate mehlaleng ea hau, ‘me re tle re be le kabelo letlotlong la hau la Leholimo moo u phelang ‘me u busang le Ntate le Moea o Halalelang kamehla le mehla. Amen.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 ‘Mesa 2025

Read Next

La 19 ‘Mesa 2025

Most Popular