Vinkmag ad

Makatholike a tl’o keteka

Bakriste ba Kereke e Katholike Lesotho, ba tlilo bina lifela le lipesalema tsa thabo le teboho, moketeng o moholo oa litšebetso tsa Sehlabelo se Halalelang sa ‘Missa oa tlhomamiso ea Mobishopo-Mokhethoa Vatalis Marole OMI ea tlang ho hlomamisoa ‘Mishoneng oa St. Monicas, Leribe ka la 25 Motšeanong monongoaha e le molisa oa Tikoloho ea Leribe.

Mobishopo-Mokhethoa Vitalis Marole OMI o tlil’o nka setulo sa Mobishopo Augustinus Tumaole Bane OMI ea seng a behile meja fatše, ho ipapisitsoe le Molao oa Kereke oa Nomoro ea 401, moo mobishopo a lumelletsoeng ho etsa kopo h’a fihletse lilemo tse 75 tsa tlhaho, hore a phomotsoe. Lena ha se lekhetlo la pele babishopo ba phomotsoa kahar’a Kereke e Katholike Lesotho.

Ho ea ka phatlalatso ea lelapa la Marole le Tlhasinyane, matsoalloa le metsoalle eohle ea Mobishopo-Mokhethoa, e entsoeng ke Molula-Setulo oa Komiti ea Matsoalloa a Semonkong, Mofumahali ‘Mamonyooe Lehloka ‘mokeng oa baphatlalatsi ba litaba o bileng Emmanuel Hostel, Maseru ka la 9 ‘Mesa 2025 sepheo ke ho mema bahaisane le Semonkong le sechaba sohle sa boithatelo bo botle ho kenya letsoho ho atlehisa mokete ona oa tlhomamiso.

Molula-Setulo oa Komiti ea Matsoalloa a Semonkong, Mofumahali ‘Mamonyooe Lehloka.

“Mokete oa tlhomamiso ke oa Kereke ka Tikoloho ea Leribe e leng moo a tlang ho ba molisa hona teng. Rona ba Semonko le sechaba sohle sa Morena Molimo, re ipopile ntho e le ‘ngoe ho kena ka liphehiso le ho bokeletsa sethaba-thaba e le hore a tle a tsebe ho qala mosebetsi ona o moholohali oa Morena Molimo ka makhethe le ka katleho e kholo.” O boletse joalo a bile a ipiletsa ho batho bohle ho fana ka liphehiso tsa mofuta ofe kapa ofe ho ‘muelli oa sehlopha sa matsoalloa Monghali Phakiso Molise, Bangoli ba Komiti Mafumahali ‘Masechaba Thorela, ‘Masekhonyana Marole, Molula-Setulo ‘Mamonyooe Lehloka le ho Moprista oa ‘Mishone oa St. Leonard Fr. Innocent Phangoa OMI.

Mobishopo-Mokhethoa Vitalis Marole ke letsoalloa la ‘Maletsunyane tikolohong ea Semonkong, ‘me o hlahile ka la 10 Tšitoe 1954. A kena Likolo tsa Mathomo tse ‘maloa ho fihlela a phethela lithuto tsa mathomo St. Leonard Higher Primary ka selemo sa 1993. A etsa lithuto tsa COSC ka 1979 Sekolong se Phahameng sa Sacred Heart. Ka selemo sa 1987 a hloesetsoa mokhahlelong oa Bodiakone, ‘me ka 1988 a tlotletsoa Boprista bo Halaleng. O sebelitse libakeng tse ngata thomong ea hae e le Moprista Naheng ea Afrika Boroa. Ka selemo sa 2001 ho isa ho 2002 o ile a ntšetsa pele lithuto tsa hae Naheng ea Amerika.

Vinkmag ad

Read Previous

La 10 ‘Mesa 2025

Read Next

La 11 ‘Mesa 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular