Beke ea 5 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Genese. (2:4-9.15-17)
“Morena Molimo a nka motho, a ‘meha serapeng sa Edene.”
Mohla Morena Molimo a etsang lefatše le maholimo, litlama tsohle tsa naha li ne li e-s’o be teng lefatšeng, le joang bohle ba naha bo ne bo e-s’o mele, hobane Morena Molimo o n’a e-s’o nese pula lefatšeng, ebile ho n’o e-s’o be motho ho lema lefatše. Empa ho n’o runya metsi fatše, a noesetsang lefatše lohle.
Eaba Morena Molimo o bopa motho ka lerole la lefatše, a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ‘me motho a qala ho phela. Morena Molimo a etsa serapa sa Edene, ka ‘ng’a Bochabela, ‘me hona teng a beha motho eo a ‘mopileng. Morena Molimo a melisa lefatšeng lifate tsohle tse khahlang mahlo, tse latsoehang, ‘me har’a serapa a melisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe.
Morena Molimo a nka motho, a ‘meha serapeng sa Edene, ho se lema le ho se lebela. Eaba Morena Molimo o laela motho, o re: U ka itjella tsa lifate tsohle tsa serapa, empa ha e le tsa sefate sa ho tseba botle le bobe tsona u se ke ua li ja, hobane mohla u li jang, u tla shoa.
PESALEMA 103
BOKA MORENA, MOEA OA KA.
Boka Morena, moea oa ka!
U moholo hakakang, Morena, Molimo oa ka,
u apere botlotlehi le khanya.
U ipopa ka leseli se ka kobo,
u phutholla maholimo joaloka tente.
Tsohle li u lebeletse,
hore u li fepe ka nako ea teng.
Seo u li fang sona, lia se amohela;
ha u fuparolla seatla, li khora tse molemo.
Ha u li amoha moea, lia shoa,
‘me li boela leroleng.
Ha u romela moea oa hau, lia boptjoa,
‘me u nchafatsa sebopeho sa lefatše.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (7:14-23)
“Se tsoang ho motho ke sona se mo silafatsang.”
Ka nako eo, Jesu a boela a bitsetsa letšoele ho eena, ‘me a re ho lona: ‘Mameleng bohle, ‘me le be le nkutloisise. Ha ho letho le leng ka ntle ho motho, leo ekareng ha le kena ka ho eena, la mo silafatsa; empa ke se tsoang ka ho motho se mo silafatsang. Ea nang le litsebe ho utloa a ke a utloe!
Eitse ha a tlohile letšoeleng ‘me a se a kene ka tlung barutuoa ba hae ba ‘motsa papiso eo. A re ho bona: Ana le lona le hloka kutloisiso tjee? Ha le utloisise hore ntho efe le efe e tsoang ka ntle ho motho ha e kene pelong ea hae, empa e ea ka mpeng, ‘me e tsoela mohlabaneng? Ka ho rialo o ne a bolela hore lijo tsohle li hloekile. A tsoela pele, a re: Lintho tsohle tse tsoang ho motho, ke tsona tse mo silafatsang: hobane ke kahare, lipelong tsa batho, moo ho tsoang mehopolo e mebe, botsoa, bosholu, lipolao, bohlola, meharo, makhopo, bomenemene, tse hlabisang lihlong, mohono, liketseletso, boikhohomoso le botlaopa. Mekhoa ena e mebe e tsoa kahare ho motho ‘me ke eona e silafatsang motho.
