Beke ea 5 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Genese. (1:20- 2,4)
A re etseng motho ka setšoantšo sa rona le ka tšoano ea rona.”
Molimo a re: Metsing ho nyeunye boieane ba lintho tse phelang, ‘me linonyana li fofe holim’a lefatše, sebakeng. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a bopa likhanyapa tse kholo tsa maoatle le lintho tsohle tse phelang, tse sesang, tse nyeunyang ka metsing, ka mefuta ea tsona, le linonyana tsohle, ka mefuta ea tsona. Molimo a bona hore ho lokile. Molimo a li hlohonolofatsa, a re: Atang, le ngatafale le tlale metsi a leoatle, ‘me le linonyana li ngatafale lefatšeng. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la bohlano.
Molimo a re: Lefatše le hlahise lintho tse phelang, ka mefuta ea tsona: liphoofolo tse ruiloeng, lihahabi le liphoofolo tse hlaha, ka mefuta ea tsona. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a etsa liphoofolo tse hlaha ka mefuta ea tsona, liphoofolo tse ruiloeng ka mefuta ea tsona, le tsohle tse hahabang fatše ka mefuta ea tsona. Molimo a bona hore ho lokile.
Molimo a re: A re etseng motho ka setšoantšo sa rona le ka tšoano le rona, a rene holim’a lihlapi tsa leoatle, linonyana tsa leholimo, liphoofolo tse ruiloeng, liphoofolo tse hlaha le lihahabi tsohle tse hahabang fatše.
Molimo a bopa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bopa ka setšoantšo sa Molimo, a ba bopa e le e motona le e motšehali. Molimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: Atang le ngatafale, le tlale lefatše, le le buse, le rene holim’a lihlapi tsa leoatle, linonyana tsa leholimo le tsohle tse phelang tse hahabang fatše.
Molimo a re: Ke le file majoang ‘ohle a beang lipeo a ka bophara ba lefatše lohle, le lifate tsohle tse behang litholoana tse nang le peo, hore e be lijo tsa lona. Haele liphoofolo tsohle tse hlaha, linonyana tsohle tsa leholimo, tsohle tse hahabang fatše, tse nang le phefumoloho ea bophelo, ke li file litlama-tlama tsohle tse tala hore e be lijo tsa tsona.
‘Me ha e-ba joalo. Molimo a bona tsohle tseo a li entseng, ‘me ho ne ho lokile haholo. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la botšelela, Leholimo le lefatše tsa phethahala joalo, hammoho le makhotla ohle a tsona. Ka letsatsi la bosupa Molimo a phethahatsa mosebetsi oo a o entseng, ‘me ka letsatsi lena la bosupa a phomola mosebetsing oohle oo a o entseng.
Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa, ‘me a le halaletsa, hobane o n’a phomole ka lona mosebetsing oohle oo a o phethileng ka ho bopa. Ke tsena tsa qaleho ea maholimo le lefatše ha li ne li boptjoa.
PESALEMA 8
MORENA MOLIMO OA RONA LE BABATSEHA HAKAAKANG LEBITSO LA HAO LEFATšENG LOHLE!
Morena ha ke sheba maholimo a hau,
mosebetsi oa menoana ea hau,
khoeli le linaleli tseo u li bopileng,
ke ipotsa, ke re: Ana motho etsoe e le’ng,
hore u b’u mo hopole?
Hona ngoan’a motho ke’ng,
hore u mo nkele hlokong?
Leha ho le joalo,
u mo entse ea ka tlaasana ho manyeloi,
u mo roesitse mofapahloho oa letlotlo le tlhompho.
U mo entse morena oa mesebetsi ea matsoho a hau,
u behile tsohle tlas’a maoto a hae:
Linku le likhomo, kaofela ha tsona,
hammoho le liphoofolo tsa naha,
linonyana tsa leholimo, le lihlapi tsa leoatle,
tsohle tse chalakang le maliba.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (7:1-13)
“Le etsa lentsoe la Molimo lefeela ka meetlo eo le e qapileng.”
Ka nako eo Bafarisi le ba bang ba bangoli ba tsoang Jerusalema ba phuthehela ho Jesu; ‘me eitse ha ba bona barutuoa ba bang ba hae ba e-ja bohobe ka matsoho a litšila, ke hore a sa kang a hatleloa, ba nyatsa.
Hobane Bafarisi le Bajodi bohle ha ba je, ba sa ka ba hatlela matsoho hantle, ka ho ea ka meetlo ea baholo. ‘Me ha ba khutla, ba e-tsoa lepatlelong la motse, ha ba je ba e-s’o itlhoekise ka metsi pele. Le meetlo e meng e mengata e sa le teng, eo ba e bolokang, joaloka ho hlatsoa mehope, linkho le lijana tsa koporo.
Joale Bafarisi le bangoli ba molao ba ‘motsa, ba re: Ke ka baka la’ng ha barutuoa ba hau ba sa latele meetlo ea baholo, ba mpa ba e-ja bohobe ka matsoho a litšila na?
A ba araba a re: Baikaketsi ting! Isaia o n’a nepile ha a profeta ka lõoa ka mantsoe ana a Mangolo a reng: Sechaba sena se ntlhompha ka molomo feela, athe pelo tsa sona li hole le ‘na. TIhompho eo ba e lebisang ho ‘na ke ea bosaoana; lithuto tseo ba li rutang ke litaelo tsa batho feela. Hobane le lahlile molao oa Molimo, le kakatletse meetlo ea batho.
‘Me o n’a re ho bona: Le hlile le etsa molao oa Molimo lefeela, le tle le boloke meetlo ea lona. Moshe o itse: Hlonepha ntat’ao le ‘m’ao; hape: ea tla hlapaola ntat’ae kapa ‘m’ae, a shoe lefu. Athe lona le re: Motho a ka re ho ntat’ae, kapa ho ‘m’ae: Korbane (ke ho re neho e etsetsoang Molimo) efe le efe e etsoang ke ‘na e tla u thusa. ‘Me le se le mo lumella ho se thuse ntat’ae kapa ‘m’ae ka letho ho feta moo. Le etsa lentsoe la Molimo lefeela ka meetlo eo le e qapileng, ‘me le etsa tse ngata tse kang tseo.
