Vinkmag ad

La 14 Pherekhong 2025

Beke ea 1 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (2:5-12)

Ho ne ho tšoaneleha hore mopholosi a phethehe ka ho utloisoa mahloko.

Molimo ha a ka a beha pusong ea manyeloi lefatše le tlang ho tla, leo re buang ka lona. Nqa e ‘ngoe, Mangolo a pakile, a re: Motho ke’ng hore u mo hopole, hona ngoan’a motho ke’ng hore u mo nkele hlokong? U ‘mehile tlasana ho manyeloi ka nakoana, u mo roesitse mofapahloho oa letlotlo le tlhompho. U mo entse morena oa mesebetsi ea matsoho a hau, u behile tsohle tlas’a maoto a hae.

Efela ha a behile tsohle tlas’a hae, ha ho letho leo a le siileng le se tlas’a hae. Empa ha e le joale, ha re e-s’o bone hore tsohle li behiloe tlas’a hae.

Athe Jesu ea kileng a ba tlasana ho manyeloi ka nakoana, re ‘mona joale a roesitsoe mofapahloho oa letlotlo le tlhompho, ka baka la lefu leo a shoeleng ka lona, hore ka thato ea Molimo a utloisoe lefu bakeng la bohle.

Efela ho ne ho tšoaneleha hore Molimo eo tsohle li etselitsoeng eena ‘me li entsoeng ke eena, ea ratileng ho fihlisa bana ba bangata khanyeng, a etse hore moetapele le mopholosi oa bona a phethehe, ka ho utloisoa mahloko.

Hobane mohalaletsi le bahalaletsuoa hammoho, ba Tsoa motsong o le mong. Ka baka leo Jesu ha a lihlong ho ba bitsa bana babo, a re: Ke tla bolella bana beso lebitso la hau, ke tla u rorisa har’a phutheho.

PESALEMA 8

U BEHILE MORA OA HAU MORENA OA MESEBETSI EA MATSOHO A HAU.

Morena, Molimo oa rona, le babatseha hakakang

lebitso la hao lefatšeng lohle!

Ke ipotsa, ke re: Ana motho etsoe e le eng,

hore u b’u mo hopole?

Hona ngoan’a motho ke’ng,

hore u mo nkele hlokong?

Leha ho le joalo,

u mo entse ea ka tlaasana ho manyeloi,

u mo roesitse mofapahloho oa letlotlo le tlhompho.

U mo entse Morena oa mesebetsi ea matsoho a hau,

u behile tsohle tlas’a maoto a hae:

Linku le likhomo, kaofela ha tsona,

hammoho le liphoofolo tsa naha,

linonyana tsa leholimo, le lihlapi tsa leoatle,

tsohle tse chalakang le maliba.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (1:21-28)

“O n’a ba ruta joaloka ea nang le matla.”

Jesu a kena tlung ea thapelo, Kafarnauma, ka letsatsi la sabbatha ‘me a qala ho ruta batho. Ba ne ba tsota thuto ea hae, kahobane o n’a ba ruta joaloka ea nang le matla, e seng joaloka bangoli.

Tlung ena ea bona ea thapelo ho no ho le teng motho ea tšoenngoang ke moea o litšila, ea ileng a hooa, a re: U re batla’ng Jesu oa Nazaretha? Ana u tletse ho re timetsa? Kea tseba hore na u mang: u Ea halalelang oa Molimo. Jesu a mo khalemela, a re: Thola u b’u tsoe ho motho eo. ‘Me moea o litšila oa mo tsukutlaka, oa bokolla habohloko, eaba o tsoa ho eena.

Bohle ba makala, ba ba ba botsana, ba re: Hona ke’ng? Thuto ena e ncha ke e joang, e rutoang ke motho ea matla hakaale, ea bileng a laelang esita le meea e litšila ‘me e mo mamele? ‘Me kapele-pele botumo ba hae ba tlala naheng eohle ea Galilea.

Vinkmag ad

Read Previous

Kopano e bopa bonngoe

Read Next

La 15 Pherekhong 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular