Beke ea 1 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (1:1-6)
“Molimo o buile le rona ka Mora oa hae.”
Mehleng ea khale, Molimo o ile a bua khafetsa le ka mekhoa e mengata le bo-ntat’a rona ka baprofeta. Empa litšiung tsa qetello tjena, o buile le rona ka Mora oa hae, eo a ‘mehileng mojalefa oa lintho tsohle, ‘me eo a entseng lintho tsohle ka eena.
O khanya letlotlo la Molimo: ke eena eo e leng setšoantšo se phethehileng sa boleng ba hae, ebile ke eena ea tšehetsang lintho tsohle ka lentsoe le matla la hae.
Ke eena eo eitseng hoba a hloekise batho libe, a ileng a ea leholimong moo a lekanang le Botlotlehi ba Molimo: o filoe boholo bo fetang ba manyeloi, joaloka ha lebitso leo a le rehiloeng e le lefa le fetang a ‘ona.
Hobane ke lefe la manyeloi leo Molimo a kileng a re ho lona: U Mor’a ka, kajeno ke u tsoetse? Hape, a re: Ke tla ba ntat’ae ‘me eena e be mor’a ka. Hape-hape, mohla a tlisang letsibolo la hae lefatšeng, a re: Manyeloi ‘ohle a Molimo a mo khumamele.
PESALEMA 96
KHUMAMELANG MORENA, LONA MANYELOI ‘OHLE.
Morena ke khosi, lefatše le ke le nyakalle,
le tsona lihleke-hleke tsohle li thabe.
O potiloe ke maru a matšo-matšo,
toka le molao ke motheo oa terone ea hae.
Maholimo a phatlalatsa toka ea hae,
‘me lichaba tsohle li bona letlotlo la hae.
Ba ke ba tlontlollehe
bohle ba sebeletsang litšoantšo,
ba ithorisang ka melimo ea bohata.
Itiheleng fatše ka pele ho eena,
lona melimo eohle.
Hobane uena, Morena, u Ea holimo-limo,
u okametse lefatše lohle u feta hole melimo eohle!
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (1:14-20)
“Bakang, ‘me le lumele molaetsa oa taba tse monate.”
Hoba Joannes a kenngoe chankaneng, Jesu a tla Galilea a nts’a ruta molaetsa oa taba tse monate tsa Muso oa Molimo, a re: Nako e phethahetse ‘me ‘Muso oa Molimo o s’o le haufi; bakang ‘me le lumele molaetsa oa taba tse monate. Eitse ha a sika le leoatle la Galilea, a bona Simone le Andreas ngoan’abo, ba akhela letlooa leoatleng, kaha e ne e le batšoasi ba lihlapi.
Jesu a re: Ntšaleng morao, ke tla le etsa batšoasi ba batho. Hang-hang, ba siea matlooa a bona ‘me ba mo latela. Ha a nts’a e-ea pejana, a bona Jakobo mor’a Zebedea, le Joannes ngoan’abo; le bona ba ne ba le sekepaneng, ba roka matlooa. Hang a ba bitsa; eaba ba siea ntat’a bona, Zebedea, le bahiruoa sekepaneng, ba mo sala morao.
