Sehopotso sa Francis Xaveri ea halalelang, Moprista
Labobeli
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (9,16-19.22-23)
Nka ba malimabe haeba ke sa hasanye Evangeli!
Bana beso! Ha ke hasanya Evangeli, ha se hobane ke shebile thoriso, empa ke hobane ke tlamehile joalo. Nka ba malimabe ha eba ke sa hasanye Evangeli! Hoja e ne e le boithaopong ba ka ke ne ke tla lokeloa ke moputso, empa e re kaha e se ka boithaopo ke mpa ke phetha mosebetsi oo ke o abetsoeng.
Ha ho le joalo, moputso oa ka ke ofe na? Ke hore ha ke ntse ke hasanya Evangeli, ke etse joalo ke sa lebella tefo, ke sa itsekele litokelo tseo Evangeli e ntumellang ka tsona.
Leha ke se taolong ea mang kapa mang, ke ikentse mosebeletsi oa bohle, hore ke tle ke hape ba bangata. Ho ba fokolang ke ikentse ea fokolang, hore ke tle ke hape ba fokolang. Ke ikentse tsohle ho bohle, hore ke tle ke pholose bohle. ‘Me ke etsa tsohle ka baka la Evangeli, e le hore le ‘na ke tle ke be le kabelo melemong ea eona.
PESALEMA 109
U MOPRISTA KA BOSAFELENG OA MOFUTA OA MELKISEDEKE.
Morena o itse ho Moren’a ka:
“Lula ka tsohong la ka le letona,
‘me ke tla etsa lira tsa hau
bonamelo ba maoto a hau.”
Morena o tla otlolla lere la matla a hau a le Sione:
busa har’a lira tsa hau!
Bohosana ke ba hau
ho tloha tsatsing la tsoalo ea hau;
ke u tsoetse pele ho mafube,
lithabeng tse halalelang.
Morena o ikanne ‘me ha a na ho koeneha:
U moprista ka bosafeleng oa mofuta oa Melkisedeke.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (16,15-20)
“Jesu a nkeloa leholimong, moo a leng bophahamong bo lekanang le ba Molimo.”
Ka nako eo, Jesu a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ‘me a re ho bona: E-eang ka lefatše lohle, le phatlalletse libopuoa tsohle molaetsa oa taba tse monate. Ea tla lumela a be a hlatsuoe, o tla pholoha: athe ea sa tl’o lumela o tla tsuoa. Ke tsena he lipontšo tse tla felehetsa ba lumelang: ka lebitso la ka ba tla leleka bademone, ba bue lipuo tse ncha, ba tšoare linoha ka letsoho: leha ba ka noa chefo, e ke ke ea ba etsa letho. Ba tla beha bakuli matsoho ‘me ba tla fola.
Eitse hoba Jesu a bue le bona, a nkeloa leholimong, moo a leng bophahamong bo lekanang le ba Molimo. Ha e le bona, ba ea ruta kahohle, Morena a nts’a sebetsa le bona, a tiisa lentsoe ka lipontšo tse neng li le felehetsa.
