Vinkmag ad

La 7 Mphalane 2024

Sehopotso sa Mofumahali oa Rosari e Halalelang

Beke ea 27 Har’a selemo

Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Zakaria. (2,10-13)

“U ithabele, morali oa Sione, ke ‘na eo, kea tla.”

Hlaba molilietsane, u ithabele, uena morali oa Sione, hobane ke ‘na eo, ke tlil’o aha kahare ho uena, ho rialo Morena. Tsatsing leo, lichaba tse ngata li tla khomarela Morena, e tla ba sechaba sa hae, empa eena o tla ‘ne a ahe kahare ho uena. Ka hona u tla tseba hore ke Morena oa makhotla ea nthometseng ho uena.

Morena o tla ‘ne a nke Juda e le leruo la hae lefatšeng le halalelang, a boele a ikhethele Jerusalema e le motse oa hae. Batho bohle ba ke ba khutse pel’a Morena, hobane o tsohile, oa tla, o tsoa moahong o halalelang oa hae.

PESALEMA (I Sam. 2,1.4-8.)

PELO EA KA E THABETSE MORENA.

Pelo ea ka e thabetse Morena,

ke tsoha molota ka baka la Molimo oa ka.

Ke tlepa lira tsa ka litšeho,

hobane ke thabetse pholoho ea hau.

Liqha tsa bahale li robehile,

athe ba fokolang ba itlamme thekeng ka matla.

Ba neng ba khora ba ikhirisetsa lijo;

athe ba neng ba lapa ha ba sa hloka ho sebetsa.

Morena o laola lefu le bophelo,

o theolela Qalong-ea-bafu, a be a inole.

Morena oa futsanehisa ‘me oa ruisa;

oa kokobetsa, a be a phahamise.

O ntša mofutsana litholeng,

o nyolla mohloki thotobolong,

ho mo beha har’a mahosana

le ho mo fa setulo sa hlompho.

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (5,12.17-19)

“Moo sebe se ngatafetseng, grasia e ngatafetse ka ho fetisa.”

Bana beso! Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, le lefu ka sebe; ‘me ka tsela ena lefu le fetetse ho batho bohle, kaha bohle ba entse sebe. Ka baka leo, joaloka ha phoso ea motho a le mong e isitse batho bohle tsuong, ka mokhoa o tšoanang ketso e lokileng ea motho a le mong e isitse batho bohle tokollong e isang bophelong. Hobane, joaloka ha ba bangata ba entsoe baetsalibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokhoa o tšoanang ka ho mamela ha motho a le mong ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1,26-38)

“Bona, u tla emola popelong, u belehe mora.”

Khoeling ea botšelela, lenyeloi Gabriele la romeloa ke Molimo motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha, ho Movirigo ea neng a qetsoe ke monna ea bitsoang Josefa, oa ntlo ea Davida. Lebitso la Movirigo e ne e le Maria.

 Lenyeloi la fihla ho eena, la re: Ahe, ea tlotliloeng haholo, Morena o na le uena: u lehlohonolo har’a basali. A ferekanngoa ke lentsoe lena, ‘me a ipotsa hore na tumeliso ena e bolela’ng.

Eaba lenyeloi le re ho eena: Se tšohe Maria, hobane u fumane mohau ho Molimo. Bona, u tla emola popelong, u belehe mora, ‘me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo, a bitsoe Mora oa Ea holimo-limo.

Morena Molimo o tla mo neha terone ea Davida ntat’ae; o tla rena holim’a ntlo ea Jakobo ka bosafeleng, ‘me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.

Maria a re ho lenyeloi: Hoo ho tla etsahala joang, ha e le moo ke sa tsebe monna? Lenyeloi la araba, la re ho eena: Moea o halalelang o tla theohela ho uena, ‘me matla a Ea holimo-limo a tla u haeletsa. Ka baka leo Ea halalelang ea tla belehuoa ke uena o tla bitsoa Mora oa Molimo. Le eena Elisabetha, mohaeno, o emotse mora botsofaling ba hae, ‘me ena ke khoeli ea botšelela ho eo ea neng a bitsoa nyopa; hobane ha ho letho le ka sitang Molimo.

Ke ha Maria a re: Ke ‘na enoa lekhabunyane la Morena; ha ho ke ho etsoe ho ‘na ka ho ea ka polelo ea hao. ‘Me lenyeloi la mo siea.

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 Mphalane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular