Vinkmag ad

La 27 Loetse 2024

Beke ea 25 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Moruti. (3,1-11)

Ho na le nako bakeng la tsohle tse etshalang tlas’a letsatsi.”

Ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e na le motsotso oa eona, ho na le nako bakeng la tsohle tse etsahalang tlas’a letsatsi: nako ea ho tsoaloa le nako ea ho shoa, nako ea ho hloma le nako ea ho fothola se hlonngoeng, nako ea ho bolaea le nako ea ho folisa, nako ea ho heletsa le nako ea ho aha, nako ea ho lla le nako ea ho tšeha, nako ea ho hlonama le nako ea ho etsa motjeko, nako ea ho hasanya majoe le nako ea ho a bokella, nako ea ho akana le nako ea ho tlohela ho akana, nako ea ho batla le nako ea ho tabola le nako ea ho roka, nako ea ho khutsa le nako ea ho bua, nako ea ho rata le nako ea ho hloea, nako ea ntoa le nako ea khotso.

Ea sebetsang o boelloa ke’ng ka boikhathatso ba hae? Ke bone mosebetsi oo Molimo a o fileng bana ba batho hore ba o etse. O entse tsohle hore li lumellane, le nako ea tsona, hape o file motho ho lemoha nako e fetileng le e tlang; leha ho le joalo motho o sitoa ho utloisisa mesebetsi eo Molimo a e etsang ho tloha qalong ho isa qetellong.

PESALEMA 143 (1-4. R. 1)

HO BOKOE MORENA, EO E LENG LEFIKA LA KA.

Ho bokoe Morena, eo e leng lefika la ka,

ke eena mohauheli le qhobosheane ea ka.

Lerako le nkhaheletsang le molopolli oa ka

ke eena thebe ea ka eo ke itšireletsang ka eona.

Morena, ana motho e b’e le eng, hore u mo tsotelle,

hona ngoan’a motho e b’e le eng hore u mo hopole?

Motho o ka moea o fokang,

tšiu tsa hae lị ka seriti se fetang.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (9,18-22)

“U Kriste oa Molimo. E ka khona Mor’a motho a hlokofatsoe haholo.”

Ka nako eo, ha Jesu a ntse a rapela a inotši, barutuoa ba hae ba tla ho eena. Eaba oa ba botsa, o re: Ana matšoele a re ke mang? Ba araba, ba re: Ba bang ba re u Joannes Mohlatsoi, ba bang Elia: ba bang hape ba re e mong oa baprofeta ba khale o tsohile bafung.

Jesu a re ho bona: Joale lona, le re ke mang na? Simone Peterosi a araba, a re: U Kriste oa Molimo. Empa eena a ba laea, a ba laela hore ba tle ba se ke ba bolella motho hona, a re: E ka khona Mor’a motho a hlokofatsoe haholo, a lahloe ke baholo, baprista ba baholo le bangoli, a bolaoe, ‘me a tsohe bafung ka letsatsi la boraro.

Vinkmag ad

Read Previous

La 26 Loetse 2024

Read Next

Toantšo ea khiro ea bana

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular