Vinkmag ad

La 26 Loetse 2024

Beke ea 25 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moruti. (1,2-11)

“Ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi.”

Lefeela la mafeela-feelane, ho rialo Moruti. Lefeela la mafeela-feelane, tsohle ke lefeela.

Motho o boelloa ke’ng ka boikhathatso bohle boo a bo nkang tlas’a letsatsi? Moloko o mong o ee o hlahe, o mong o fete, empa lefatše lona le sale le ntse le le teng kamehla. Letsatsi le ee le chabe, le be le likele, le potlakele hae moo le tla hlaha teng hape. Moea o ee o fokele Boroa, o khutle o lebe Leboea, o ee o fokele koana le koana, o boele o pota-pote joalo. Linoka tsohle li phallela leoatleng, empa leoatle ha le tlale; moo li phallelang teng, linoka li tsoela pele ho leba teng.

Ntho tsohle lia tena: ha ho letho leo motho a ka hlolang a le bua. Leihlo ha le khathale ke ho bona, le tsebe ha e khotsofale ke ho utloa. Se kileng sa e-ba teng se tla boela se e-ba teng, se kileng sa etsehala se tla boela se etsahale: ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi. Esita le ntho eo ho ka thoeng ka eona: “ntho ena, e ncha” ke e seng e kile ea e-ba teng pele ho mehla ea rona. Batho ba khale ha ba sa hopoloa; le ba tla tla hamorao, le bona ha ba sa tla hopoloa ke ba tla ba hlahlama.

PESAIEMA 89 (3-6.12-13.14 le 17. R. 1)

MORENA, U BILE SETšABELO SA RONA HO TLOHA MOLOKONG HO ISA MOLOKONG.

U busetsa motho leroleng,

u re: “Boela moo u tsoang, ngoan’a Adama.”

Mahlong a hao lilemo tse sekete

li ka letsatsi la maobane le seng le fetile.

Li ka hora ea phalimeho ea bosiu.

U hlakola batho, eb’e ke ke toro;

bạ ka joang bo tlokomang hoseng;

hoseng boa mela, bo tlokome,

mantsiboea boa pona, bo omelle.

Re rute ho hlophisa matsatsi a rona,

re tle re rue bohlale ba ‘nete.

Khutla, Morena, u liehela’ng?

Qenehela bahlanka ba hao.

U re khorise mohau oa hao e sa le hoseng,

re tle re nyakalle,

re thabe bophelong bohle ba rona.

Mosa oa Morena, Molimo oa rona,

o k’o theohele ho rona!

Ak’u re atlehisetse mosebetsi oa matsoho a rona,

u atlehise mosebetsi oa matsoho a rõna.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (9,7-9)

“Joannes, ke mo khaotse hlooho; empa eo ke utloang tse joalo ka eena ke mang na?”

Ka nako eo Morena Heroda a utloa tsohle tse etsoang ke Jesu ‘me o n’a tsielehile, hobane batho ba bang ba ne ba re: Joannes o tsohile bafung; athe ba bang ba re: Elia o hlahile; hape ba bang ba re: E mong oa baprofeta ba khale o tsohile. Joale Heroda a re: Joannes, ke mo khaotse hlooho; empa eo ke utloang tse joalo ka eena ke mang na? ‘Me o n’a lakatsa ho bona Jesu.

Vinkmag ad

Read Previous

Ba se ba utsoitse M4Millione

Read Next

La 27 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular