Vinkmag ad

La 6 Phupjane 2024

Beke ea 9 har’a selemo

Labone

Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Timothi. (2,8-15)

“Lentsoe la Molimo ha lea tlangoa. Ha re e-shoa le eena, le teng re tla phela le eena.”

Moratuoa! U hopole hore Morena Jesu Kriste oa leloko la Davida o tsohile bafung, kamoo Evangeli ea ka e bolelang ka teng. Ke ka baka la hae ke hlokofatsoang hoo ke bileng ke leng litlamong, joaloka hoja ke le sesinyi. Empa Lentsoe la Molimo ha lea tlangoa. Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakhethuoa, hore le bona ba fihlele pholoho e ho Kriste, hammoho le letlotlo le sa feleng.

Polelo ena kea sebele; eka re ha re e-shoa le eena, le teng re tla phela le eena; ha re mamella le eena, re tla busa le eena. Empa ha re mo latola, le eena o tla re latola. Ha rona re sa tšepahale, eena o tla ‘ne a tšepahale hobane o sitoa ho koeneha.

U ‘n’u hopotse batho tsena ‘me u ba lemose, pela Molimo, hore ba se ke ba pheha khang; hobane hoo ha ho thuse letho, ha e se ho lahla ba utloang. Hlokomela ka makhethe ho itlhahisa pela Molimo u le motho ea amohelang, mosebeletsi ea seng lihlong ka mosebetsi oa hae, ea rutang lentsoe la ‘nete ka botš’epehi.

PESALEMA 24 (4-5.8-9.10 le 14. R.4)

MPONTšE ‘MILA OA HAO, MORENA.

Mpontše ‘mila oa hao, Morena,

u nthute litsela tsa hao.

U ntataise ‘neteng ea hao ‘me u nthute,

hobane ke uena Molimo mopholosi oa ka.

Morena o molemo ‘me o lokile;

ka baka lena o khutlisetsa baetsalibe tseleng.

O tataisetsa ba eisehang ho lokeng

‘me o ruta ba fokolang tsela ea hae.

Litsela tsohle tsa Morena ke tsa mohau le ‘nete

ho ba bolokang selekane le litaelo tsohle tsa hae.

Morena ke motsoalle oa ba mo tšabang;

o ba senolela selekane sa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (12,28-34)

“Molao oa pele ke ona. Oa bobeli ke ona.”

Ka nako eo, e mong oa bangoli a fihla ho Jesu, a ‘motsa, a re: Melaong eohle ke ofe oa pele? Jesu a mo fetola, a re: Molao oa pele ke ona: Mamela, uena Israele, Morena Molimo oa rona ke eena Morena a inotši: U tla rata Morena Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle le ka kutloisiso ea hao eohle, le ka matla a hao ‘ohle. Oa bobeli ke ona: U tla rata oa heno joaloka ha u ithata. Ha ho molao o mong o fetang ena ka boholo.

Eaba mongoli o re ho eena: Ke hantle, moruti, U bua ‘nete ha u re Molimo o mong feela, ‘me ha ho e mong ka ntle ho eena, le hore o tšoanetse ho ratoa ka pelo eohle, le ka kutloisiso eohle, le ka moea oohle, le ka matla ‘ohle, le hore ho rata oa habo motho joaloka ha motho a ithata, ke taba e kholo ho feta licheso le mahlabelo ‘ohle.

Eitse ha Jesu a bona hore o arabile ka bohlale, a re ho eena: Ha u sa le hole le ‘Muso oa Molimo. Ha ho motho le ea mong ea kileng a hlola a e-ba le sebete sa ho ‘motsa hape.

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 Phupjane 2024

Read Next

La 7 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular