Vinkmag ad

La 7 Motšeanong 2024

Beke ea 6 ea Paseka

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (16,22-34)

“Lumela ho Morena Jesu, ‘me u tla pholosoa, uena le ba ntlo ea hao bohle.”

Matsatsing ao, sechaba sa Filippi sa khorohela Paulosi le Silas. Baahloli ba ba tabolela liaparo ‘me ba laela hore ba shapuoe ka lithupa. Eare hoba ba ba shape Iithupa tse ngata, ba ba kenya chankaneng ‘me ba laela molebeli ho ba boloka ka thata. Eena molebeli ha a nehiloe taelo eo a ba kenya chankaneng e kahare ‘me a ba tlamella maoto sekoqong.

Ka seroko Paulosi le Silase ba etsa thapelo, ba tlotlisa Molimo ka lifela, ‘me batšoaruoa ba bang ba ne ba mametse. Hang ha e-ba le tšisinyeho e kholo ea lefatše, hoo metheho ea chankana e bileng ea sisinyeha.

Ka nako le motsotso mamati ‘ohle a buleha, le litlamo tsa bohle tsa lokoloha. Molebeli oa teronko a tsoha, ‘me ha a bona mamati ‘ohle a teronko a butsoe, a hopola hore batšoaruoa bohle ba thobile. Eaba o tsomula sabole ea hae a rata ho ipolaea. Empa Paulosi a mo hoeletsa ka lentsoe le phefa, a re: U se ke ua ints’a kotsi; re teng kaofela.

Eo a batla lebone, a kena ‘me a itihela maotong a Paulosi le Silas, a nts’a thothomela; a nt’o ba ntšetsa kantle, a re: Benghali ke tšoanetse ho etsa joang hore ke pholohe? Bona ba mo araba, ba re: Lumela ho Morena Jesu ‘me u tla pholosoa, uena le ba ntlo ea hao bohle. Eaba ba mo ruta Lentsoe la Molimo, ‘moho le bohle ba neng ba le ka tlung ea hae. Joale a ba nka ka eona nako eo ea bosiu, a hlatsoa maqeba a bona, ‘me hang kamorao a hlatsuoa le ba ntlo ea hae bohle. Qetellong a ba isa ka tlung ea hae, a ba lokisetsa lijo ‘me a ithabela le ntlo ea hae eohle, hobane o lumetse ho Molimo.

PESALEMA 137 (1-3.7-8. R. 7)

MORENA, LETSOHO LA HAO LE MPHOLOSITSE.

Morena, ke u boka ka pelo ea ka eohle,

ke u roka ka lifela pel’a manyeloi.

Ke ithihela fatše ka pel’a tempele

e halalelang ea hao, ‘me ke boka lebitso la hao,

ka baka la mohau oa hao le ‘nete ea hao.

Hobane u phahamiselitse lebitso la hao

ka holim’a tsohle.

U n’u nkarabe ha ke hoeletsa ho uena,

ua fa pelo ea ka matla a macha.

U tla nqobeletsa khalefong ea lira tsa ka,

u otlolle sephaka sa hao ‘me letsoho la hao le mpholose

Morena o tla phethahatsa

merero eohle ea hae holim’a ka.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (16,5-11)

“Ha ke sa ee, ‘Muelli ha a na ho tla ho lona.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ke ea ho ea nthomileng, empa ha ho le ea mong ho lona ea mpotsang: Na u ea kae? Lipelo tsa lona li tletse tšoabo, kahobane ke le boleletse tsena. Athe ke le bolella ‘nete: ho molemo ho lona ha nka ea: Hobane ha ke sa ee, ‘Muelli ha a na ho tla ho lona.

Empa ha ke e-ea, ke tla le romela eena. ‘Me eena mohla a tlang, o tla bontša lefatše hoo e leng sebe, toka le kahlolo. Sebe, hobane ha ba ka ba lumela ho ‘na. Toka, hobane ke ea ho Ntate ‘me ha le sa tla mpona. Kahlolo, hobane morena oa lefatše o se a ahlotsoe.

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 Motšeanong 2024

Read Next

La 8 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular