Vinkmag ad

La 17 ‘Mesa 2024

Beke ea 3 ea Paseka

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (8,1-8)

“Ba ne ba ea kahohle, ba ntse ba phatlalatsa Lentsoe la Molimo.”

Ka nako eo, kereke e neng e le Jerusalema ea hlorisoa hampe. Balumeli bohle ba qhalakana ka litikoloho tsohle tsa Judea le Samaria, ha e se baapostola feela. Banna ba tšabang Molimo ba boloka setopo sa Stefane, ‘me ba mo llela haholo. Empa Saule o n’a leka ho felisa kereke: a kena matlung, a khokhoetsa banna le basali, a ba kenya chankaneng.

Ha e le bona ba qhalantsoeng, ba ea kahohle ba ntse ba phatlalatsa Lentsoe la Molimo. Filippi eena a theohela motseng oa Samaria, a ruta batho ba teng ka Kriste. Ba bangata ba hlokomela tse neng li boleloa ke Filippi, ba mo mamela ba le pelo-nngoe, ba bona le mehlolo e etsoang ke eena. Efela meea e mengata e litšila e ne e e-tsoa ho ba nang le eona, e bokolla. Hape, ba bangata ba omeletseng litho le ba, hlotsang ba ne ba folisoa. Ea e-ba thabo e kholo ke hona motseng oo.

PESALEMA 65 (1-7. R. 1)

ETSETSANG MOLIMO LITLATSE, LONA MAFATšE ‘OHLE.

Etsetsang Molimo litlatse, lona mafatše ‘ohle,

binang le tlotlise lebitso la hae,

rokang letlotlo la hae, e-reng ho Molimo:

E hlolla hakaakang mesebetsi ea hao!

Lefatše lohle lea u khumamela,

lea u binela, le phafa lebitso la hao.

Tloong, le bohe mesebetsi ea Molimo,

ea tšabehang le ketsong tsa hae ho batho.

O ile a fetola leoatle mobu o ommeng,

batho ba tšela noka ka maoto.

A re ke re ithabeleng ho eena:

ka matla a hae o busa ka mehla.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (6,35-40)

“Thato ea Ntate ke hore mang le mang ea bonang Mora a be le bophelo bo sa feleng.”

Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele a Bajodi: Ke bohobe ba bophelo. Ea tlang ho ‘na a ke ke a lapa, ‘me ea lumelang ho ‘na a ke ke a nyoroa le ka mohla. Athe ke le boleletse hore, leha le mpone, ha le lumele.

Mang le mang eo Ntate a ‘nehelang eena o tla tla ho ‘na; ‘me ea tlang ho ‘na, nke ke ka mo lahlela thoko. Hobane ke theohile leholimong, e seng ho etsa thato ea ka, empa thato ea Ea nthomileng.

‘Me thato ea Ea nthomileng ke hore ke se ke ka lahla le ea mong oa bao a ‘nehileng bona, ke mpe ke ba tsose ka letsatsi la bofelo. Efela thato ea Ntate ea nthomileng ke hore mang le mang ea bonang Mora, ‘me a lumela ho eena, a be le bophelo bo sa feleng, ‘me ke mo tsose ka letsatsi la bofelo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 April 2024

Read Next

La 18 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular